- “Ha ho na sebetsa se tla o bolaya,
bohle ba o qosang
o tla ba hlola ka nyewe.
Lena ke lona lefa
la bahlanka ba Morena,
ke ho loka hoo ke ba neang hona,”
ho rialo Morena. - Mahlomola a ya lokileng a mangata,
empa Morena o mo lopolla
ho wona wohle. - Ba buelle,
o ba ahlolele ka toka,
o emele nyewe tsa bafumanehi
le wona mafutsana. - Atamelang ho Modimo, mme o tla atamela ho lona. Lona baetsadibe, hlatswang matsoho a lona; lona ba qeaqeang, hlwekisang dipelo tsa lona.
- Motho ka mong a ipolele dibe ho ba bang, mme le rapellane, hore le tle le fole. Thapelo ya motho ya lokileng e matla haholo.
- Empa toka e ke e phalle,
e phalle jwaloka noka,
ho loka ho ke ho be
jwaloka molatswana,
ho ke molatswana
o phallang kamehla. - Rolela morwalo wa hao ho Morena,
mme o tla o jarisa;
a ke ke a tlohella ya lokileng
hore a sisinngwe le ka mohla. - Ithuteng ho etsa tse lokileng,
le ipatlele le yona toka,
kgalemelang mohatelli,
le ahlolele kgutsana hantle,
nyewe ya mohlolohadi
le yona le e emele. - Molaetsa ona o senola kamoo Modimo a lokafatsang batho kateng; feela ho hlokahala tumelo ho tloha qalong ho isa qetellong, jwalokaha ho ngotswe, ho thwe: “Ya lokileng o tla phela ka tumelo.”
- O tla utlwisisa ho loka,
ho tshepeha, le ho nepahetseng,
o utlwisise le ditsela tsohle,
tsela tsohle, tse lokileng. - Ka baka leo, wena motho ya ahlolang, leha o ka ba mang kapa mang, o hloka boitatolo, hobane ka ho ahlola ba bang, o a ikahlola, kaha wena ya ahlolang o ntse o etsa tsona tseo.
- Ntlhahlobe, Modimo,
o tsebe pelo ya ka;
o nnonye maikutlo,
o tsebe mehopolo ya ka;
o bone hore na ke tseleng e mpe,
o ntsamaise tseleng
ya kamehla yohle. - Ho lehlohonolo
ba hlorisetswang ho loka,
hobane Mmuso wa mahodimo
ke wa bona. - Ho loka ho atlehisa setjhaba,
empa sebe ke sekgobo ho sona. - Hobane mahlo a Morena
a tadima ba lokileng,
le ditsebe tsa hae
di mamela thapelo tsa bona;
sefahleho sa hae se sosobane
se sosobanetse ba etsang bobe. - Wena motho,
o boleletswe se molemo;
ebe Morena
o lebeletse eng ho wena?
Ke ho etsa tse lokileng,
le ho ba le lerato,
le ho ikokobeletsa Modimo wa hao. - Sejosenyane se molemo
ha se fumanwe ka toka,
ho ena le maruo
a fumanwang ka bolotsana. - Hobane Kreste ke yena qetello ya Molao, ho lokafatsa mang le mang ya dumelang.
- Kgalemelo e nngwe le e nngwe ha e etswa ha e thabise, e bohloko, empa hamorao bao e ba thapisitseng, e ba tlisetsa ditholwana tsa kgotso, tsa ho loka.
- Le se ke la kgema le ba sa dumeleng. Ho loka le ho se loke di ka kgotsana jwang? Lesedi le ka kopana jwang le lefifi?
- Polelo tsa ya kgopo
di timetsa mohahabo,
empa ya lokileng
yena o pholoswa ke tsebo. - Morena ke yena moahlodi wa rona,
Morena ke yena
ya re beelang molao,
Morena ke yena kgosi ya rona,
Morena ke yena ya tla re pholosa. - Sejosenyane sa ya lokileng
se molemo
ho ena le kgora ya ya kgopo;
hobane matla a ya kgopo
a tla fediswa,
athe Morena o tshehetsa ya lokileng. - Empa jwale ho lokafatswa ke Modimo ho bonahaditswe e le ho sa itshetleheng ka Molao; hona ho pakwa ke Molao le Baporofeta. Ke ka ho dumela ho Jesu Kreste, Modimo a lokafatsang bohle ba dumelang, ho se kgethollo.
- O rata ho loka le toka;
lefatshe lohle
le tletse mohau wa Morena.
Dihlogotaba tša go tswalana
Molao
Mantswe ana ao ke...
Sebe
Kapa na ha le...
Tumelo
Ka baka leo, ke...
Bophelo
Morena o tla o...
Potego
Empa Morena o a...
Kahlolo
Ka baka leo, wena...
Temana ya Bibele ya lehono
Ntjapedi ha e hlolwe ke sebata,thapo e kgwele di tharo
e dieha ho kgaoha.