- Sejosenyane sa ya lokileng
se molemo
ho ena le kgora ya ya kgopo;
hobane matla a ya kgopo
a tla fediswa,
athe Morena o tshehetsa ya lokileng. - Modimo ha a hloke toka hoo a ka lebalang mosebetsi wa lona, le lerato leo le le bontshitseng ho yena ka ho sebeletsa badumedi, bao le sa ntseng le ba sebeletsa le jwale.
- Ke tshabela ho wena Morena;
ke se ke ka hlajwa ke dihlong
le ka mohla.
Ako nnamolele
ka baka la ho loka ha hao. - Eyang, le ithute hore na ke ho reng ha ho thwe: ‘Ke thabela mohau, e seng sehlabelo.’ Ke tlile ho bitsa baetsadibe, e seng ba lokileng.
- Ya lokileng
o bua puo tse thabisang,
athe ya kgopo
o tseba ho sokamisa ditaba. - Ke tla thabela Morena
ka pelo ya ka yohle,
moya wa ka
o thabele Modimo wa ka haholo,
hobane o nkapesitse kobo
ya ho pholoswa,
a nkwahela ka seaparo sa ho loka,
jwalokaha monyadi
a ikgabisa ka moqhaka,
a ikgabisa
jwaloka moprista a ikgabisa,
monyaduwa a tlatlapela
mabenyane a hae. - Se kgahlwe ke motho
ya kgantshang bohanka,
se latele le e nngwe ya tsela tsa hae.
Morena o hloile ya sothang nnete,
empa ya lokileng
yena o a mo tshepa. - Morena wa mabotho o bua tjena: ‘Ahlolelanang ka toka, le be mosa, mme le utlwelane bohloko. Le se ke la hatella mohlolohadi, leha e le kgutsana, moditjhaba kapa mofutsana. Motho a se ke a rerela ngwanabo bokgopo.’
- Yena, ka mmele wa hae, o ile a isa dibe tsa rona sefapanong, hore re tle re shwe ka nqeng ya sebe, mme re phele ka nqeng ya ho loka. Ke yena eo le fodisitsweng ke maqeba a hae.
- Morena o lokile
ho tsohle tseo a di etsang,
mesebetsing yohle ya hae
o mohau. - E mong o re: “Ke dumeletswe ka dintho tsohle,” empa hase ho re tsohle di na le molemo. E, ke dumeletswe ka dintho tsohle, empa ha nka ke ka laolwa le ke e le nngwe ya tsona.
- Morena, ako utlwe thapelo ya ka,
o sekehele thapedi ya ka tsebe;
o nkarabe
ka baka la botshepehi ba hao,
le ka baka la ho loka ha hao. - Jwale, erekaha re lokafaditswe ka tumelo, re na le kgotso le Modimo ka Morena wa rona Jesu Kreste.
- Ahlolelang mofokodi ka toka,
ahlolelang le kgutsana ka toka;
etsetsang mohlophehi toka,
le mohloki le mo etsetse yona. - Empa Morena o rata ho le hauhela,
o labalabela ho tla le rekolohela,
hobane Morena
ke Modimo wa toka,
ho lehlohonolo bohle
ba mo lebeletseng. - Le lesedi la lefatshe. Motse o hahilweng hodima thaba o sitwa ho pateha.
- Mang le mang ya etsang sebe o tlola molao; sebe ke ho tlola molao.
- Jwalokaha ba bangata ba entswe baetsadibe ka ho se mamele ha motho a le mong, ka mokgwa o jwalo ba bangata ba tla etswa ba lokileng ka ho mamela ha motho a le mong.
- Ha e le lona ba hlomphang lebitso la ka, letsatsi la ho loka le tla le tjhabela ka mahlasedi a lona a fodisang. Lona le tla tswa, le thale jwaloka manamane a buletsweng ka sakeng.
- E tla ba re etsa toka ha re ka hlokomela ho phetha melao ena yohle, kapele ho Morena Modimo wa rona, jwalokaha a re laetse.
- Ha ke lahle mohau wa Modimo, hobane haeba ho loka ho tliswa ke Molao, e tla ba Kreste o shwetse lelea!
- Moya wa ka o o tsetselela bosiu,
pelo ya ka le yona
e o hlolohetswe haholo.
Ha kahlolo tsa hao
di phethwa lefatsheng,
baahi ba lefatshe
ba tla ithuta ho loka. - Athe ha e le ya ileng a etsa tse lokelwang ke kotlo a sa ka a tseba thato ya monga hae, o tla shapuwa hanyenyane. Mang le mang ya neilweng haholo, ho tla batlwa tse ngata ho yena, mme ya tshepetsweng tse ngata o tla botswa ho feta.
- Ya bohlale ke mang?
Tsena o tla di hlokomela.
Ya masene ke mang?
Yena o tla di utlwisisa.
Ditsela tsa Morena di nepahetse,
ba lokileng ba tla tsamaya ka tsona,
baetsadibe
ba kgothometsehe ho tsona. - Morena o molemo, o lokile;
kahoo o busetsa baetsadibe tseleng.
Ba eisehang o ba tsamaisa ho lokeng,
o ruta ba eisehang tsela ya hae.
Dihlogotaba tša go tswalana
Molao
Mantswe ana ao ke...
Sebe
Kapa na ha le...
Tumelo
Ka baka leo, ke...
Bophelo
Morena o tla o...
Potego
Empa Morena o a...
Kahlolo
Ka baka leo, wena...
Temana ya Bibele ya lehono
Ipatleleng Morena le matla a hae,le ipatlele yena le sa kgaotse.
Amogela Temana ya Bibele ya Letšatši ka Letšatši:
Tsebišo ya letšatši ka letšatšiEmeileAndroidWeposaeteng ya gagoTemana ya Bibele ya go se kgethwe ka maikemišetšo
Rona re tsebile, ebile re dumetse lerato leo Modimo a nang le lona ho rona.Modimo ke lerato. Ya phelang leratong o phela ka ho Modimo, le Modimo o phela ka ho yena.Temana ya go latela!
