- O hlokomela metsamao
ya ba lokileng,
ke thebe ho ba hlokang kodi. - Rona re Bajuda ka tswalo, ha re baditjhaba, baetsadibe bano. Leha ho le jwalo, re tseba hore motho ha a lokafatswe ka ho phetha Molao, empa o lokafatswa ka ho dumela ho Kreste Jesu. Le rona re dumetse ho Kreste Jesu, e le hore re tle re lokafatswe ka ho dumela ho Kreste, e seng ka ho phetha Molao, hobane ha ho motho ya ka lokafatswang ka ho phetha Molao.
- Mahlohonolo a aparela ba lokileng,
polelo tsa ya kgopo
di kwetlile bosoro. - Ka baka leo, ha ho motho ya ka lokafatswang pela Modimo ka ho phetha Molao, hobane ke ka Molao re nang le tsebo e tletseng ya sebe.
- Petrose a bua, a re: “Kannete ke a hlokomela hore Modimo ha a ye ka tshobotsi, empa, ditjhabeng tsohle, ya mo tshabang, ya etsang toka, o a amoheleha ho yena.”
- Ke o rutile tsela tsa bohlale,
ka o tsamaisa tseleng tse otlolohileng. - Polelo tsa ya lokileng
ke silefera e hlwekisitsweng,
pelo ya ya kgopo ha e na thuso. - Ruta ngwana tsela ya ho phela,
ha a hodile a ke ke be a fapoha. - Ho lehlohonolo
ba metsamao e se nang kodi,
ba tsamayang ka Molao wa Morena. - Hlaphohelwang, mme le se ke la nna la etsa sebe. Ba bang ha ba tsebe Modimo; ke rialo hore le hlajwe ke dihlong.
- Empa Modimo o tseba
metsamao ya ka;
ha a nteka ke tla tswa
ke hlwekile seka kgauta.
Mehato ya ka
e hodima mehato ya hae,
ke tsamaile tseleng ya hae,
ha ke a e kgeloha. - Bona, ya kgopo yena
a ke ke a phela,
athe ya lokileng
o tla phela ka tumelo ya hae. - Letshepa la ba lokileng
le hlahisa thabo,
athe la ba kgopo lona le a nyamela. - Ditholwana tsa lesedi ke tsohle tse molemo, tse lokileng le tsa nnete.
- Yena ke Lefika,
mosebetsi wa hae o hloka kodi,
ditsela tsohle tsa hae di na le toka;
ke Modimo ya tshepahalang,
ya se nang bokgopo;
o lokile, mme o nepa kamehla. - Ke lwanetse tsa Modimo senna, ke qetile thota ya peiso, ke bolokile tumelo. Jwale ke se ke beetswe mofapahlooho wa ho loka, oo Morena, moahlodi ya lokileng, a tlang ho mputsa ka wona ka Letsatsi lela; e seng nna feela, empa le bohle ba lebeletseng boiponahatso ba hae.
- Le se ke la hlola le neela sebe ditho tsa lona, hore e be dihlomo tsa ho se loke; le mpe le ineele Modimo le le ba phelang, ba tsohileng bafung; le neele Modimo ditho tsa lona, hore e be dihlomo tsa ho loka.
- Ho hopolwa ha mofu ya lokileng
ho lehlohonolo,
empa bitso la ya kgopo
le ke ke la hopolwa. - Ya sitsang mojadi ka peo, le ka bohobe boo a ka bo jang, le lona o tla le sitsa ka peo, a be a e ngatafatse, mme a le atisetse ditholwana tsa ho loka ha lona.
- O baballa ba lokileng
tseleng tsa bona,
batshepuwa ba hae a ba sireletse. - Oho, Morena, re o emetse,
re tsamaya tseleng
ya dikahlolo tsa hao;
lebitso la hao le botumo ba hao
ke tsona tseo re di labalabelang. - Kgalefo ya Modimo
e ke ke ya fediswa,
ya fediswa ke maruo a motho,
empa ho loka
ho lopolla motho lefung. - Haeba le hlile le mamela lentswe la Morena Modimo wa lona, mme le etsa ho lokileng mahlong a hae; le sekehela ditaelo tsa hae tsebe, le boloka melao yohle ya hae, nke ke ka le otla ka mafu wohle ao ke ileng ka otla Baegepeta ka wona, hobane ke nna Morena, Mofodisi wa hao.
- Ke wena Morena,
ya hlohonolofatsang ya lokileng,
o mo sireletsa ka mohau wa hao
jwalokaha eka ke thebe. - Bakang, mme le phele, hobane ha ho eo ke thabelang lefu la hae, ho rialo Morena Modimo.
Dihlogotaba tša go tswalana
Molao
Mantswe ana ao ke...
Sebe
Kapa na ha le...
Tumelo
Ka baka leo, ke...
Bophelo
Morena o tla o...
Potego
Empa Morena o a...
Kahlolo
Ka baka leo, wena...
Temana ya Bibele ya lehono
Ipatleleng Morena le matla a hae,le ipatlele yena le sa kgaotse.
Amogela Temana ya Bibele ya Letšatši ka Letšatši:
Tsebišo ya letšatši ka letšatšiEmeileAndroidWeposaeteng ya gagoTemana ya Bibele ya go se kgethwe ka maikemišetšo
Ya fanang haholoo tla fumana katleho,
ya fanang ka metsi
le yena o tla a fuwa.Temana ya go latela!
