- Mahlo a hao
a tadime kapele ho wena,
dintshi tsa hao di se ke tsa panya. - Ya Matla wohle
re ke ke ra mo fihlela,
o re phahametse ka matla
le ka dikahlolo,
a ke ke be a sokamisa toka ya hae. - Jwale nna Nebukadenesare, ke rorisa Kgosi ya Lehodimo, ke a e phafa, ke a e tlotlisa, hobane mesebetsi yohle ya yona e nepahetse, le ditsela tsa yona di lokile, mme ba ikgohomosang e a ba kokobetsa.
- Lona ba batlang ho lokafatswa ka Molao oo, le ikgaohantse le Kreste, le lahlehetswe ke mohau wa Modimo.
- Le re: “Tsohle di dumeletswe,” empa hase ho re tsohle di na le molemo. E, tsohle di dumeletswe, empa hase ho re tsohle di na le thuso.
- A re pholosa, e seng ka baka la mesebetsi e lokileng eo re e entseng, empa e le ka baka la lereko la hae. A re pholosa ka tlhatsuo ya ho tswalwa botjha, eo Moya o Halalelang o re ntjhafatsang ka yona.
- Ya kgopo o a adima,
empa ha a busetse;
ya lokileng o na le mohau, o a fana. - O mong feela moetsi wa molao le moahlodi: Ke ya nang le matla a ho pholosa le ho timetsa. Ebe wena o mang o ka ahlolang wa heno?
- Morena o tutubolla mahlo a difofu.
Morena o phahamisa
ba kgokgopaneng;
Morena o rata ba lokileng. - Se kgelohele ka ho le letona
kapa ka ho le letshehadi,
mehato ya hao
e o phemise bokgopo. - Wena Moradi wa Sione
nyakalla haholo!
Wena Moradi wa Jerusalema
etsa ditlatse!
Bona! Kgosi ya hao e tla ho wena;
e lokile, e tlisa topollo,
e ikokobeditse, e palame tonki,
e palame petsana ya tonki. - Ya kgopo
a furalle ditsela tsa hae,
molotsana
a furalle mehopolo ya hae,
a sokolohele ho Morena wa hae,
mme Morena o tla mo hauhela;
a sokolohele ho Modimo wa rona,
hobane yena o tshwarela haholo. - Ka baka leo, tshabang Morena. Elang hloko, mme le sebetse jwalo. Modimo wa rona ha a sothe toka, ha a ye ka tshobotsi, ha a batle tjotjo.
- Ha eo a etla, o tla kgodisa lefatshe ka tsa sebe, le ka tsa toka, le ka tsa kahlolo.
- Lona ba ikokobetsang ba lefatshe,
lona ba mamelang taelo ya Morena,
batlang Morena, le mmatlisise.
Batlang ho loka,
le batle boikokobetso;
mohlomong le ka sireletseha
mohla tsatsi la kgalefo ya Morena. - Phema ditakatso tsa botjha, o habe ho loka, tumelo, lerato le kgotso, mmoho le bohle ba rapelang Morena ka dipelo tse hlwekileng.
- Kahoo ebang malalaalaotswe, nnete e be leqhama la lona, ho loka ho sireletse difuba tsa lona, mafolofolo a ho bolela molaetsa o molemo wa kgotso, e be meqathatso ya lona. Haholoholo tshwarang thebe ya tumelo eo ka yona le ka tsebang ho tima malakabe a metsu yohle e tukang ya E Mobe.
- Ha ho ya lokileng mona lefatsheng,
ya etsang ho molemo,
ya sa etseng sebe.
Dihlogotaba tša go tswalana
Molao
Mantswe ana ao ke...
Sebe
Kapa na ha le...
Tumelo
Ka baka leo, ke...
Bophelo
Morena o tla o...
Potego
Empa Morena o a...
Kahlolo
Ka baka leo, wena...