Ka letsatsi le leng la Sabatha Jesu a feta hara masimo a koro, mme barutuwa ba hae ba qala ho kga matshohlo ha ba ntse ba tsamaya. Bafarisi ba re ho yena: “Bona, ke ka baka lang ha ba etsa se sa dumellwang ka letsatsi la Sabatha?” A re ho bona: “Na ha le eso ka le bala seo Davida a neng a se etse, mmoho le bao a neng a ena le bona, ha ba lapile, mme ba hloka se jewang; kamoo a neng a kene ka Tlung ya Modimo kateng, mehleng ya Moprista e Moholo Abiatare, a ja bohobe bo halalelang e leng boo a neng a sa dumellwa ho bo ja, bo jewa ke baprista feela, a ba a fa le bao a neng a ena le bona?” A re ho bona: “Sabatha se entswe ka baka la motho, e seng motho ka baka la Sabatha. Ka baka leo, Mora Motho ke Morena, esita le wa Sabatha.”

Dihlogotaba tša go tswalana
Sabatha
Hlokomela letsatsi la Sabatha...
Borotho
Jesu a re ho...
Lerato
Lerato le na le...
Kholofelo
‘Ke tseba merero eo...
Tumelo
Ka baka leo, ke...
Lapa
Mantswe ana ao ke...
Temana ya Bibele ya lehono
Ke a o rata Morena,wena matla a ka.
Morena ke lehaha la ka,
ke qhobosheane ya ka,
ke monamoledi wa ka.
Modimo wa ka ke lefika la ka,
leo ke tshabelang ho lona;
Morena ke thebe ya ka,
ke lenaka la ka le ntwanelang,
ke seqhobo sa ka.