Ba mo hlobodisa, ba mo apesa kobo e kgubedu, ba loha mofapahlooho ka meutlwa, ba mo rwesa wona, ba mo tshwarisa leqala ka letsoho le letona, ba kgumama pela hae, ba mo soma, ba re: “Ahe! Kgosi ya Bajuda!”
Sohle seo le se etsang, le se etse ka dipelo tsohle tsa lona, jwaloka hoja le se etsetsa Morena, e seng batho. Tsebang hore Morena o tla le putsa ka ho le etsa majalefa a hae. Morena eo le mo sebeletsang ke Kreste.