2013 Hlakubele 31, Sontaha
Lengeloi la re ho basadi: “Lona le se ke la tshoha; ke a tseba hore le batla Jesu ya thakgisitsweng. Ha a yo mona, hobane o tsohile, jwalokaha a ne a bolele. Tloong, le bone sebaka seo a neng a le ho sona.”2013 Hlakubele 30, Moqebelo
Leha nka tsamaya kgohlong e lefifi,nke ke ka tshaba bobe,
hobane o na le nna,
lere la hao le molamu wa hao
di a nkgothatsa.
2013 Hlakubele 29, Labohlane
Ba mo hlobodisa, ba mo apesa kobo e kgubedu, ba loha mofapahlooho ka meutlwa, ba mo rwesa wona, ba mo tshwarisa leqala ka letsoho le letona, ba kgumama pela hae, ba mo soma, ba re: “Ahe! Kgosi ya Bajuda!”2013 Hlakubele 28, Labone
Matlotlo a baruike qhobosheane ya bona,
ba hloma e ka ke marako
a phahameng, a ba sireletsang.
2013 Hlakubele 27, Laboraru
Bohle le bana ba Modimo ka ho dumela ho Kreste Jesu, hobane lona bohle ba kolobeleditsweng ho Kreste le apere Kreste.2013 Hlakubele 26, Labobedi
Ha ho meleko e kileng ya le hlahela, e fetang matla a botho. Modimo o a tshepahala, mme a ke ke a dumela hore le lekwe ho feta matla a lona. Ha le lekwa o tla le fa matla a ho mamella, le monyetla wa hore le tsebe ho hlola.2013 Hlakubele 25, Mmantaha
Wena Morena, o molemo,o a tshwarela;
mohau wa hao o moholo
ho bohle ba ipiletsang ho wena.
2013 Hlakubele 24, Sontaha
Matshwele a neng a mo eteletse pele, le a neng a etla kamorao a howa, a re:“Hosanna ho Mora wa Davida!
Ho bokwe
ya tlang ka lebitso la Morena!
Hosanna mahodimong
a hodimodimo!”
2013 Hlakubele 23, Moqebelo
Ke kgodisehile hore leha e le lefu kapa bophelo, leha e le mangeloi, leha e le meya e meng e busang kapa e matla, leha e le tse teng kapa tse tlang ho ba teng, leha e le tse hodimo kapa tse tlase, leha e le sebopuwa sefe kapa sefe, di ke ke tsa re arohanya le lerato la Modimo, leo a re bontshitseng lona ka Kreste Jesu, Morena wa rona.2013 Hlakubele 22, Labohlane
Bana ba ka, lerato la rona e se ke ya eba la mantswe kapa la leleme feela, empa e be la diketso le la nnete.2013 Hlakubele 21, Labone
Ka hona fadimehang, hobane ha le tsebe letsatsi leo Morena wa lona a tla tla ka lona.2013 Hlakubele 20, Laboraru
Jarelanang mefokolo, mme ka hona le tla phetha molao wa Kreste.2013 Hlakubele 19, Labobedi
A re ho bona: “Mang le mang ya amohelang ngwana enwa lebitsong la ka, o a nkamohela, mme ya nkamohelang o amohela ya nthomileng, hobane ya leng monyenyane hara lona bohle, ke yena e moholo.”2013 Hlakubele 18, Mmantaha
Kgalefo ya Modimoe ke ke ya fediswa,
ya fediswa ke maruo a motho,
empa ho loka
ho lopolla motho lefung.
2013 Hlakubele 17, Sontaha
Jwale re a tseba hore ba ratang Modimo, ba bitsitsweng ka morero wa hae, tsohle di ba tlisetsa molemo.2013 Hlakubele 16, Moqebelo
Efela lentswe la Morena le lokile,mesebetsi yohle ya hae
ke ya nnete.
2013 Hlakubele 15, Labohlane
Empa jwalokaha ho ngotswe,“Tseo leihlo le sa kang la di bona,
tsebe e sa kang ya di utlwa,
le kelello ya motho
e sa kang ya di lekanya,
ke tsona tseo Modimo
a di lokiseditseng ba mo ratang.”
2013 Hlakubele 14, Labone
Ka baka leo, le ke le tshedisane, mme le matlafatsane, jwalokaha le fela le etsa.2013 Hlakubele 13, Laboraru
Ha ho ya kileng a bona Modimo le ka mohla. Ha re ratana, Modimo o phela ka ho rona, mme lerato la hae le phethehile ka ho rona.2013 Hlakubele 12, Labobedi
Baratuwa, ha e le moo Modimo a re ratile jwalo, le rona re tshwanetse ho ratana.2013 Hlakubele 11, Mmantaha
Ba bangata bao e leng ba pele e tla ba ba ho qetela, mme ba ho qetela e be ba pele.2013 Hlakubele 10, Sontaha
Empa Modimo o tsebametsamao ya ka;
ha a nteka ke tla tswa
ke hlwekile seka kgauta.
Mehato ya ka
e hodima mehato ya hae,
ke tsamaile tseleng ya hae,
ha ke a e kgeloha.
2013 Hlakubele 9, Moqebelo
Oho, Morena,ke wena Modimo wa ka,
ke tla o tlotla,
ke rorise lebitso la hao,
hobane wena o entse dimakatso,
merero ya hao ya kgale
e a tshepeha, ke ya nnete.
2013 Hlakubele 8, Labohlane
Empa dipelong tsa lona le hlomphe Kreste, eo e leng Morena. Kamehla le itokisetse ho ikarabella ho bohle ba le botsang tsa tshepo eo le nang le yona.2013 Hlakubele 7, Labone
Tsebang ke hona hore Morena Modimo wa lona, ke yena Modimo. Ke Modimo ya tshepahalang, ya bolokang selekane le lerato la hae le tiileng ho ba mo ratang, le ho ba bolokang melao ya hae, ho isa melokong e sekete.2013 Hlakubele 6, Laboraru
Jwale Modimo ya re fang tshepo a ke a le tlatse ka thabo yohle le ka kgotso ka baka la ho dumelo ho yena, hore le tle le atelwe ke tshepo ka matla a Moya o Halalelang.2013 Hlakubele 5, Labobedi
Empa se bewang ke Moya ke lerato, thabo, kgotso, mamello, mosa, molemo, botshepehi, bonolo le boitshwaro. Tse kang tsena, ha ho molao o ka di thibelang.2013 Hlakubele 4, Mmantaha
Jwaloka masea a sa tswa hlaha, lakatsang lebese le hlwekileng la lentswe la Modimo, e le hore ka lona le tle le hodisetswe pholohong.2013 Hlakubele 3, Sontaha
Jwale bongata ba ba dumetseng ba eba pelonngwe le moyamong, mme ha se ke ha eba le ya mong ya reng tseo a nang le tsona ke tsa hae a le inotshi, empa tsohle ba di kopanela.2013 Hlakubele 2, Moqebelo
Ho lehlohonolo mothoya itshepetseng Morena,
eo tshepo ya hae
e leng yena Morena.
O tla tshwana le sefate
se lemilweng pela metsi,
seo metso ya sona
e namelang pela molatswana.
Ha se ke se tshoswa
ke ho fihla ha lebatama,
mahlaku a sona
a matalana kamehla,
ka nako ya komello
ha se ke se tshwenyeha,
kamehla se beha
ditholwana tsa sona.
2013 Hlakubele 1, Labohlane
Modimo o mong, le mmoelanyi pakeng tsa Modimo le batho o mong, e leng Kreste Jesu eo e leng motho.Dihlogotaba tša go tswalana
Lerato
Lerato le na le...
Kholofelo
‘Ke tseba merero eo...
Tumelo
Ka baka leo, ke...
Lapa
Mantswe ana ao ke...
Go direla/hlankela
Oho, Morena, ke wena...
Thapelo
Thabang kamehla, se phetseng...