2013 Hlakola 28, Labone
Kreste ya neng a se na sebe, Modimo o ile a mo nka e le moetsadibe ka baka la rona, e le hore ka yena Modimo a re etse ba lokileng.2013 Hlakola 27, Laboraru
Ruri o ipelesitse mahloko a rona,malwetse a rona
le wona a inkela wona,
empa rona ra hopola
e le ya otlwang, ya shapuwang,
le ho hlokofatswa ke Modimo.
2013 Hlakola 26, Labobedi
O ila hlajwaka baka la ditshito tsa rona,
a tetetswa
ka baka la dibe tsa rona,
kotlo e re tlisetsang kgotso
ya mo wela hodimo,
ra fodiswa ke maqeba a hae.
2013 Hlakola 25, Mmantaha
Mamela, Iseraele! Morena ke Modimo wa rona, ke yena Morena a le mong feela. O tla rata Morena Modimo wa hao, ka pelo ya hao yohle, le ka moya wa hao wohle, le ka matla a hao wohle.2013 Hlakola 24, Sontaha
Ya lalang diphoso ka mmeleo qeka ho ratwa,
athe ya di pepesang
yena o senya setswalle.
2013 Hlakola 23, Moqebelo
Rona re na le lerato, hobane yena o re ratile pele.2013 Hlakola 22, Labohlane
Modimo ha a a ka a re nea moya wa bokwala, empa o re neile moya wa matla, wa lerato le wa boitshwaro.2013 Hlakola 21, Labone
Ya thahasellang ho loka le leratoo tla fumana bophelo
le toka le tlotla.
2013 Hlakola 20, Laboraru
Jwale ke re: Tsamaiswang ke Moya, mme ha le ka ke la phetha ditakatso tsa botho.2013 Hlakola 19, Labobedi
Morena o na le nna,ha ke tshabe letho;
motho a ka nketsang?
2013 Hlakola 18, Mmantaha
Batlang tse molemoe seng tse kgopo,
e le hore le tle le phele;
ke moo Morena
Modimo wa mabotho,
a tla ba le lona jwalokaha le bolela.
2013 Hlakola 17, Sontaha
Ka baka leo, itokisetseng ho sebeletsa, ka ho ba tjhatsi dikelellong, le be le boitshwaro, le ntse le tshepile ka ho tlala ho newa mohau, mohla Jesu Kreste a bonahatswang.2013 Hlakola 16, Moqebelo
Wena motho,o boleletswe se molemo;
ebe Morena
o lebeletse eng ho wena?
Ke ho etsa tse lokileng,
le ho ba le lerato,
le ho ikokobeletsa Modimo wa hao.
2013 Hlakola 15, Labohlane
Mohau wa Modimo, o pholosang batho bohle, o bonahetse. O re ruta ho tela bokgopo le ditakatso tsa lefatshe, re tle re phele re le sedi, re lokile, re ena le borapedi mehleng ya jwale.2013 Hlakola 14, Labone
Ka tsela ena, ha motho a le ho Kreste, ke mmopuwa e motjha; tsa kgale di fetile, tse ntjha di hlahile.2013 Hlakola 13, Laboraru
Yare a sa bua, leru le kganyang la ba kgurumetsa, lentswe la tswa lerung, la re: “Enwa ke Mora wa ka eo ke mo ratang, ya nkgahlang; mo mameleng.”2013 Hlakola 12, Labobedi
Na motho a ka tsamayahodima mashala,
ebe maoto a hae wona ha a tjhe?
2013 Hlakola 11, Mmantaha
Le se ke la sebeletsa dijo tse senyehang, empa le sebeletse dijo tse hlolang ho isa bophelong bo sa feleng, tseo Mora Motho a tla le nea tsona, hobane Modimo Ntate o mo neile matla.2013 Hlakola 10, Sontaha
Ha ho ka ba jwalo, ke tla le etela ke thabile, ke kgatholohe le lona, ha Modimo a rata.2013 Hlakola 9, Moqebelo
Modimo ke moya, mme ba mo kgumamelang eka kgona ba mo kgumamele ka moya le ka nnete.2013 Hlakola 8, Labohlane
Ba kgathetseng ke tla ba kgatholla, ba lapileng ke tla ba fepa.2013 Hlakola 7, Labone
Yena eo leaho la haele leng mahodimong,
metheo ya lona
o e hlomme hodima lefatshe;
yena ya bokellang metsi a lewatle,
a a bokelle,
a a tshollele hodima lefatshe;
lebitso la hae ke Morena.
2013 Hlakola 6, Laboraru
Le se ke la etsa letho ka kgang kapa ka boithoriso ba lefeela, empa ka boikokobetso e mong le e mong wa lona a nke ba bang ba le baholo ho yena.2013 Hlakola 5, Labobedi
Ya jang tsohle a se ke a nyedisa ya sa jeng tsohle, le ya sa di jeng a se ke a ahlola ya di jang, hobane le yena eo Modimo o mo amohetse.2013 Hlakola 4, Mmantaha
Motho ya fokolang tumelong le mo amohele, empa le se ke la phea kgang le yena ka tsa maikutlo a hae.2013 Hlakola 3, Sontaha
Jwale re tla reng? Na Molao ke sebe? Le kgale! Leha ho le jwalo, nka be ke sa tsebe sebe hoja e se be ka Molao; le takatso nka be ke sa e tsebe, ha Molao o ne o sa re: “O se ke wa lakatsa.”2013 Hlakola 2, Moqebelo
Ya sa rateng dikeletsomerero ya hae e a nyopa,
ya eletswang ke ba bangata
yena o a atleha.
2013 Hlakola 1, Labohlane
Jesu a re ho sona: “Eya, tumelo ya hao e o fodisitse.” Hanghang Baretimea a boela a bona, mme a latela Jesu tseleng.Dihlogotaba tša go tswalana
Lerato
Lerato le na le...
Kholofelo
‘Ke tseba merero eo...
Tumelo
Ka baka leo, ke...
Lapa
Mantswe ana ao ke...
Go direla/hlankela
Oho, Morena, ke wena...
Thapelo
Thabang kamehla, se phetseng...