DailyVerses.netDihlogotabaTemana ya go se kgethwe ka maikemišetšoIngwadiše

Phesekgong 2013

2013 Phesekgong 31, Labone

Ha le tshwarela batho diphoso tsa bona, le lona Ntata lona ya mahodimong o tla le tshwarela.

2013 Phesekgong 30, Laboraru

Ke tla hloma mookodi wa ka marung, mme e tla ba sesupo sa selekane sa ka le lefatshe.

2013 Phesekgong 29, Labobedi

Ke etsa selekane sa ka le lona: Ha ho ka ke ha hlola ho timetswa batho ka morallo wa metsi. Hape ha ho ka ke ha hlola ho eba le morallo wa metsi o tla timetsa lefatshe.

2013 Phesekgong 28, Mmantaha

Bophelo ba lona bo se ke ba buswa ke ho rata tjhelete. Le kgotsofalle seo le nang le sona, hobane Modimo ka boyena o itse:
“Ha nka ke ka o lahla,
kapa ka o furalla.”

2013 Phesekgong 27, Sontaha

Ho abela Morena mpho ka potlako
ke leraba ho motho,
ebe hamorao o ipelaetsa
ka boitlamo ba hae.

2013 Phesekgong 26, Moqebelo

Jwale re tla reng? Na re tla tswela pele ho etsa sebe hore mohau o tle o ate? Le kgale! Rona ba shweleng ka nqeng ya sebe, re ka nna ra phela ho sona jwang?

2013 Phesekgong 25, Labohlane

Ntho e le nngwe feela
eo ke e kopang,
eo ke e batlang ho Morena,
ke hore ke phele ka tlung ya Morena
ka matsatsi wohle a bophelo ba ka,
ke tle ke bohe
bokgabane ba Morena,
ke bo nahanisise
ke le ka Tempeleng ya hae.

2013 Phesekgong 24, Labone

Empa Mangolo a boletse hore batho bohle ba matleng a sebe, e le hore, ka ho dumela ho Jesu Kreste, ba dumelang ba newe tseo ba di tshepisitsweng.

2013 Phesekgong 23, Laboraru

Ebang le maikutlo ana a neng a le ho Kreste Jesu.

2013 Phesekgong 22, Labobedi

Le se ke la ithetsa. Modimo ha a songwe, hobane seo motho a se jalang, ke sona seo a tla se kotula.

2013 Phesekgong 21, Mmantaha

Maruo a fumanweng ka bokgopo
ha a na thuso,
empa toka e lokolla motho lefung.

2013 Phesekgong 20, Sontaha

Ya pakang tsena o re: “E, ke tla tla kapele.”
A ho be jwalo! Tloo, Morena Jesu.

2013 Phesekgong 19, Moqebelo

Haleluja!
Ho lehlohonolo
ya tshabang Morena,
ya thabelang melao ya hae haholo.

2013 Phesekgong 18, Labohlane

Mme maleme wohle a tle a bolele hore “Jesu Kreste ke Morena,” e be tlotliso ho Modimo Ntate.

2013 Phesekgong 17, Labone

Maruo a bolotsana a tla fela hang,
a kolletswang kahanyane
wona a a eketseha.

2013 Phesekgong 16, Laboraru

Tumelo ke ho tshepa dintho tse ntseng di lebeletswe, ke ho kgodiseha ka tse esong ho bonwe.

2013 Phesekgong 15, Labobedi

Ho lehlohonolo motho ya mosa,
motho ya adimanang,
ya sebetsang ditaba tsa hae ka toka.

2013 Phesekgong 14, Mmantaha

Yena, ka mmele wa hae, o ile a isa dibe tsa rona sefapanong, hore re tle re shwe ka nqeng ya sebe, mme re phele ka nqeng ya ho loka. Ke yena eo le fodisitsweng ke maqeba a hae.

2013 Phesekgong 13, Sontaha

Morena ke lesedi la ka
le pholoho ya ka;
nka tshaba mang?
Morena ke setshabelo
sa bophelo ba ka;
nka tshoha mang?

2013 Phesekgong 12, Moqebelo

Qetellong, bana beso, tsohle tseo e leng nnete, tsohle tse hlomphehang, tsohle tse lokileng, tsohle tse hlwekileng, tsohle tse ratehang, tsohle tse babatsehang, leha e le eng le eng e kgabane le e rorisehang, tsena le di nahane.

2013 Phesekgong 11, Labohlane

Ya ratang ditshebo
o hlahatsa makunutu,
ya tshepahalang yena o na le sefuba.

2013 Phesekgong 10, Labone

Mohau wa Morena Jesu o ke o be le lona bohle.

2013 Phesekgong 9, Laboraru

Le babelehisi bao Modimo a ba fa bana, kaha ba ne ba tshaba Modimo.

2013 Phesekgong 8, Labobedi

Empa haeba batho ba le hlokofaletsa ho loka ha lona, le lehlohonolo. Le se ke la ba tshaba, mme le se ke la ferekana.

2013 Phesekgong 7, Mmantaha

A ke ke a sisinngwa le ka mohla,
ya lokileng o tla nne a hopolwe,
a hopolwe kamehla yohle.

2013 Phesekgong 6, Sontaha

Mosa wa lona o ke o tsejwe ke batho bohle. Morena o haufi.

2013 Phesekgong 5, Moqebelo

Bana beso, haeba motho a ka wela sebeng ka tsometso, lona ba nang le Moya wa Modimo le mmusetse tseleng ka moya o mosa. Le wena o itlhokomele, esere wa lekwa.

2013 Phesekgong 4, Labohlane

Ya fanang haholo
o tla fumana katleho,
ya fanang ka metsi
le yena o tla a fuwa.

2013 Phesekgong 3, Labone

Ka mokgwa o jwalo le Kreste o ile a inyehela hanngwe, ho tlosa dibe tsa ba bangata. Mohla a tlang kgetlo la bobedi, sebe se se se fedisitswe, o tla iponahatsa ho ba mo lebeletseng hore a ba pholose.

2013 Phesekgong 2, Laboraru

Jesu a nka dinkgwa tse hlano le ditlhapi tse pedi, a lelalla lehodimong, a di hlohonolofatsa, a di ngwatha, a di nea barutuwa ho di abela letshwele. Bohle ba eja, ba kgora, mme ha bokellwa diroto tse leshome le metso e mmedi tsa makumane a setseng.

2013 Phesekgong 1, Labobedi

Le tsamaye ka tsela eo Morena Modimo wa lona, a le laetseng hore le tsamaye ka yona, e le hore le tle le phele, le atlehe, mme le phele halelele naheng eo e tla ba ya lona.