2013 Mmese 30, Labobedi
Jesu ke yena eo e leng“ ‘lejwe le lahlilweng ke lona, dihahi,
le fetohileng lejwe la mantlha.’ ”
2013 Mmese 29, Mmantaha
Kaha le le bakgethwa ba Modimo, ba halaleditsweng, ba ratwang ke yena, ebang le kutlwelobohloko, le mosa, le boikokobetso, le bonolo, le boiphapanyo.2013 Mmese 28, Sontaha
Ho lehlohonolo motho ya mamellang teko, hobane ha a se a amohelehile, o tla fumana mofapahlooho wa bophelo, oo Morena a o tshepisitseng ba mo ratang.2013 Mmese 27, Moqebelo
Moputso wa sebe ke lefu, empa mpho ya mohau, ya Modimo, ke bophelo bo sa feleng ho Kreste Jesu, Morena wa rona.2013 Mmese 26, Labohlane
Lona le filwe lehlohonolo, e seng feela la ho dumela ho Kreste, empa le la ho mamella mahloko ka baka la hae.2013 Mmese 25, Labone
Mohau wa Morena wa rona Jesu Kreste o ke o be le lona.2013 Mmese 24, Laboraru
Ruta ngwana tsela ya ho phela,ha a hodile a ke ke be a fapoha.
2013 Mmese 23, Labobedi
Feela a bo kope ka tumelo, a sa belaele letho, hobane ya belaelang o tshwana le leqhubu la lewatle le tsokotswang ke moya.2013 Mmese 22, Mmantaha
Ke ipileditse ho yenaka molomo wa ka,
ka mo phafa ka leleme la ka.
2013 Mmese 21, Sontaha
Empa ka baka la ho tshaba bohlola, monna ka mong a be le mosadi eo e leng wa hae, le mosadi ka mong a be le monna eo e leng wa hae.2013 Mmese 20, Moqebelo
Nka etsa tsohle ka Kreste ya mmatlafatsang.2013 Mmese 19, Labohlane
O se ke wa tshaba,hobane ke na le wena,
o se tsielehe,
hobane ke Modimo wa hao.
Ke tla o matlafatsa,
ke be ke o thuse,
ke o tshehetse
ka tsoho la ka le letona,
ka tsoho le letona
le etsang ho loka.
2013 Mmese 18, Labone
Ke qakilwe ke ntho tsena tse pedi: Ke lakatsa ho falla bophelong bona, ke yo ba le Kreste, mme hona ho molemo ka ho fetisisa, empa ho phela lefatsheng ho ntse ho hlokahala haholo, ka baka la lona.2013 Mmese 17, Laboraru
Lona basadi, ikokobeletseng banna ba lona jwalokaha e le tshwanelo, ka baka la Morena.Lona banna, ratang basadi ba lona, mme le se ke la ba hlonamela.
2013 Mmese 16, Labobedi
Empa ha e le mona ke hauhetswe, e ne e le hore Kreste Jesu a bonahatse ka nna mamello e tletseng ya hae, ke tle ke be mohlala ho bohle ba tlang ho dumela ho yena, e le hore ba fumane bophelo bo sa feleng.2013 Mmese 15, Mmantaha
Morena ha a diehe ho phethahatsa ditshepiso tsa hae, jwalokaha ba bang ba lekanya hore o a dieha. Empa o a le mamella, hobane ha a rate ha ho ka timela leha a le mong, empa o rata hore bohle ba bake.2013 Mmese 14, Sontaha
Hlompha ntatao le mmao, e le hore o tle o phele halalele naheng eo Morena Modimo wa hao, a o neang yona.2013 Mmese 13, Moqebelo
Thabang kamehla, se phetseng ho rapela, lebohang dinthong tsohle, hobane tsena ke tsona tseo Modimo a ratang hore le di etse ka Kreste Jesu.2013 Mmese 12, Labohlane
Se tshabeng, mohlatswana, hobane Ntata lona o kgahlilwe ke ho le nea Mmuso.2013 Mmese 11, Labone
Lona ba dumetseng lebitsong la Mora wa Modimo, ke le ngoletse tsena, hore le tle le tsebe hore le na le bophelo bo sa feleng.2013 Mmese 10, Laboraru
Empa, erekaha Modimo a le mohau haholo, ka baka la lerato leo a re ratang ka lona, o re tsositse bafung le Kreste, ha re ne re shwele ka baka la ditshito tsa rona. Hopolang he, hore ke ka mohau wa hae le pholositsweng.2013 Mmese 9, Labobedi
Jwalokaha ntata banaa ba utlwela bohloko,
ka mokgwa o jwalo le Morena
o utlwela ba mo tshabang bohloko.
2013 Mmese 8, Mmantaha
Tsena tsohledi tswa ho Morena wa mabotho,
keletso tsa hae ke tse makatsang,
bohlale ba hae ke bo tebileng.
2013 Mmese 7, Sontaha
Tloong ho nna, lona bohle ba kgathetseng, ba imetsweng, mme ke tla le kgatholla.2013 Mmese 6, Moqebelo
Kgotso ya Kreste e ke e buse dipelo tsa lona. Ke ka kgotso ena Modimo a le bitseditseng ho ba mmele o le mong. Lebohang ke hona.2013 Mmese 5, Labohlane
Pholoho ya kae tswa ho Modimo,
le tlotla ya ka
e tswa ho yena,
ke yena lefika la ka le matla;
Modimo ke setshabelo sa ka.
2013 Mmese 4, Labone
Ha re ipolela dibe tsa rona, Modimo o tla re tshwarela tsona, mme a re hlwekise bokgopo bohle, kaha o a tshepahala, mme o lokile.2013 Mmese 3, Laboraru
Rona re tswaletswe Ngwana,rona re filwe Mora,
puso e tla ba mahetleng a hae,
o tla bitswa
Radimakatso le Moeletsi,
Modimo ya matla, Rabosafeleng,
Kgosana ya Kgotso.
2013 Mmese 2, Labobedi
Lentswe la haoke lebone maotong a ka,
ke lesedi tseleng ya ka.
2013 Mmese 1, Mmantaha
Ya tla dumela, a be a kolobetswe, o tla pholoswa; athe ya sa tlo dumela o tla tsuwa.Dihlogotaba tša go tswalana
Lerato
Lerato le na le...
Kholofelo
‘Ke tseba merero eo...
Tumelo
Ka baka leo, ke...
Lapa
Mantswe ana ao ke...
Go direla/hlankela
Oho, Morena, ke wena...
Thapelo
Thabang kamehla, se phetseng...
Temana ya Bibele ya lehono
Le lehlohonolo ha batho ba le hloya, le ha ba le tebela, ba le hlapaola, ba kgesa lebitso la lona jwaloka hoja le le lebe, ka baka la Mora Motho.Amogela Temana ya Bibele ya Letšatši ka Letšatši:
Tsebišo ya letšatši ka letšatšiEmeileFacebookAndroid-appWeposaeteng ya gagoTemana ya Bibele ya go se kgethwe ka maikemišetšo
O se ke wa tshaba,hobane ke na le wena,
o se tsielehe,
hobane ke Modimo wa hao.
Ke tla o matlafatsa,
ke be ke o thuse,
ke o tshehetse
ka tsoho la ka le letona,
ka tsoho le letona
le etsang ho loka.Temana ya go latela!