A re ho bona: “Ke hobane tumelo ya lona e a fokola. Kannete ke a le bolella, ke re: Hoja le na le tumelo e kaa ka tlhaku ya mosetareta le ne le tla re ho thaba ena: ‘Sutha mona, o ye mane,’ mme e ne e tla sutha. Ha ho letho le ka le sitang.”
Jwale, bana beso, ke qetela ka ho re: Thabang, phethahalang, kgothalang, ebang le maikutlo a le mang, le phele ka kgotso, mme Modimo wa lerato, le wa kgotso, o tla ba le lona.