2016 Hlakubele 31, Labone
Ya sebetsang ka thatake yena ya tla busa,
empa sekgoba sona
se tla fetoha lekgoba.
2016 Hlakubele 30, Laboraru
Se busetseng bobe ka bobe, kapa tlhapa ka tlhapa, empa le hlohonolofatse, hobane Modimo o le bitseditse ho ja lefa la mahlohonolo, hobane ho thwe.2016 Hlakubele 29, Labobedi
E, borapedi ke leruo le leholo ho ya kgotsofaletseng seo a nang le sona.2016 Hlakubele 28, Mmantaha
Morena ke matla a ka le thebe ya ka;pelo ya ka e mo tshepile,
mme o nthusitse;
pelo ya ka e nyakaletse,
ke mmoka ka dipina.
2016 Hlakubele 27, Sontaha
Lengeloi la re ho basadi: “Lona le se ke la tshoha; ke a tseba hore le batla Jesu ya thakgisitsweng. Ha a yo mona, hobane o tsohile, jwalokaha a ne a bolele. Tloong, le bone sebaka seo a neng a le ho sona.”2016 Hlakubele 26, Moqebelo
Ruri o ipelesitse mahloko a rona,malwetse a rona
le wona a inkela wona,
empa rona ra hopola
e le ya otlwang, ya shapuwang,
le ho hlokofatswa ke Modimo.
2016 Hlakubele 25, Labohlane
Jwale ha Jesu a nwele asene, a re: “Ho phethahetse!” A kebisa hlooho, a neela moya.2016 Hlakubele 24, Labone
Mpho e betlela mofani tsela,e mmee kapele ho mahosi a hae.
2016 Hlakubele 23, Laboraru
Ke qetella ka ho re lona bohle le be pelonngwe, le utlwelane bohloko, le ratane jwaloka bana ba motho, le be mosa, le ikokobetse.2016 Hlakubele 22, Labobedi
Re tseba seo lerato le leng sona ka sena: Kreste o re teletse bophelo ba hae; le rona re tshwanetse ho tella bana babo rona bophelo ba rona.2016 Hlakubele 21, Mmantaha
Ho lehlohonoloba latelang ditemoso tsa hae,
ba mmatlang
ka pelo tsohle tsa bona.
2016 Hlakubele 20, Sontaha
Ditaba tsena ke di buile ho lona hore le tle le fumane kgotso ho nna. Le tla ba le matshwenyeho lefatsheng, empa kgothalang, nna ke hlotse lefatshe.2016 Hlakubele 19, Moqebelo
Motswalle, ke rapela hore o phele hantle, mme o atlehe dinthong tsohle, jwalokaha o atlehile ho tsa moya.2016 Hlakubele 18, Labohlane
Oho, Modimo, ako nkgauheleka mohau wa hao,
ho ya ka boholo ba lerato la hao
ako hlakole melato ya ka.
Ntlhatswisise bokgopo ba ka,
o ntlhwekise sebe sa ka.
2016 Hlakubele 17, Labone
Ipatleleng Morena le matla a hae,le ipatlele yena le sa kgaotse.
2016 Hlakubele 16, Laboraru
Eng kapa eng eo le e etsang kapa le e bolelang, le e etse lebitsong la Morena Jesu, mme ka yena le lebohe Modimo Ntata lona.2016 Hlakubele 15, Labobedi
Moya wa ka, o nyahametseng?O hloretseng ka sefubeng sa ka?
Tshepa Modimo.
Ke sa tla nne ke mmoke,
yena mopholosi wa ka
le Modimo wa ka.
2016 Hlakubele 14, Mmantaha
Haeba e mong wa lona a hloka bohlale, a ke a bo kope ho Modimo ya fang bohle ka matsoho a mabedi, a sa kganane, mme o tla bo fuwa.2016 Hlakubele 13, Sontaha
A re ho bona: “Ke hobane tumelo ya lona e a fokola. Kannete ke a le bolella, ke re: Hoja le na le tumelo e kaa ka tlhaku ya mosetareta le ne le tla re ho thaba ena: ‘Sutha mona, o ye mane,’ mme e ne e tla sutha. Ha ho letho le ka le sitang.”2016 Hlakubele 12, Moqebelo
Boka Morena, wena moya wa ka;botho bohle ba ka
bo boke bitso la hae le halalelang.
2016 Hlakubele 11, Labohlane
Ho se be ya ithetsang. Ha e mong hara lona a ikgopola hore o na le bohlale ba lefatshe lena, a ke a fetohe sethoto, e le hore a tle a hlalefe.2016 Hlakubele 10, Labone
Haeba le bona hore ke ntho e mpe ho sebeletsa Morena, ikgetheleng hona kajeno hore na le tla sebeletsa mang: E ka ba medimo eo bo-ntata lona ba neng ba e sebeletsa ha ba le mose wane ho Noka, kapa medimo ya Baamore, bao le ahileng naheng ya bona. Empa ha e le nna le ba lelapa la ka re tla sebeletsa Morena.2016 Hlakubele 9, Laboraru
Polelo tsohle tsa Modimoke tsa nnete.
Ke thebe ho bohle ba mo tshepang.
2016 Hlakubele 8, Labobedi
Mangolo wohle a ngotswe ka tshusumetso ya Moya wa Modimo, mme a na le thuso ya ho ruta, ya ho nyatsa, ya ho busetsa batho tseleng ya ho loka le ho ba tsamaisa ho yona, hore motho wa Modimo a tle a phethehe, a kwetlisetswe mesebetsi yohle e lokileng.2016 Hlakubele 7, Mmantaha
Morena a ke a sokollele dipelo tsa lona leratong la Modimo le tiisetsong e kang ya Kreste.2016 Hlakubele 6, Sontaha
Modimo, ke wena Modimo wa ka,Modimo eo ke mmatlang,
moya wa ka o o nyoretswe,
mmele wa ka o o hlolohetswe,
jwaloka naha e omeletseng,
e kgathetseng, e hlokang metsi.
2016 Hlakubele 5, Moqebelo
Mokgabo wa lona e se ke ya eba o bonwang, jwaloka meriri e lohilweng, mekgabiso ya kgauta le diaparo tse ntlehadi. Mokgabo wa lona o sa senyeheng o tswe botebong ba dipelo tsa lona, e leng moya wa mosa le kgutso, oo e leng ntho ya bohlokwa ho Modimo.2016 Hlakubele 4, Labohlane
Morena o tla le lwanela, lona le ntse le itholetse!2016 Hlakubele 3, Labone
Tsohle tse phelangdi ke di rorise Morena.
Haleluja!
2016 Hlakubele 2, Laboraru
Empa wena ha o rapela, kena ka kamoreng ya hao, o kwale monyako, o rapele Ntatao ya leng teng le sephiring, mme Ntatao ya bonang le sephiring o tla o buseletsa.2016 Hlakubele 1, Labobedi
Empa ha re tshepile ho fumana seo re esong ho be le sona, re se lebella ka mamello.Dihlogotaba tša go tswalana
Lerato
Lerato le na le...
Kholofelo
‘Ke tseba merero eo...
Tumelo
Ka baka leo, ke...
Lapa
Mantswe ana ao ke...
Go direla/hlankela
Oho, Morena, ke wena...
Thapelo
Thabang kamehla, se phetseng...