2016 Hlakola 29, Mmantaha
Ke tla o ruta, ke o bontshe tsela;ke tla o eletsa, ke o bee leihlo.
2016 Hlakola 28, Sontaha
Empa bohle ba le amohetseng, e leng ba dumelang ho lona, le ba neile tokelo ya ho fetoha bana ba Modimo.2016 Hlakola 27, Moqebelo
A re ho yena: “ ‘Rata Morena Modimo wa hao ka pelo ya hao yohle, le ka moya wa hao wohle, le ka maikutlo a hao wohle.’ ”2016 Hlakola 26, Labohlane
Empa wena Morena,o thebe e ntshireletsang,
o mpha seriti, o ntsosa molota.
2016 Hlakola 25, Labone
Ka tumelo le yena Sara, eo e neng e le nyopa, o ile a fuwa matla a ho ba le ngwana, leha a ne a se a tsofetse haholo, hobane o ile a tshepa botshepehi ba ya mo tshepisitseng.2016 Hlakola 24, Laboraru
Ke tlotla ho kgaohana le diqabang,sethoto sona ke maratahelele!
2016 Hlakola 23, Labobedi
Ditemoso tsa haoke lefa la ka la mehla yohle,
ke thabo ya pelo ya ka.
2016 Hlakola 22, Mmantaha
Tsohle di tswa ho Modimo, di teng ka yena, mme ke tsa hae. Tlotla e ke e iswe ho yena kamehla le mehla. A ho be jwalo!2016 Hlakola 21, Sontaha
Na ebe ke rialo ho kgahlisa batho kapa Modimo? Na ebe ke batla ho thabisa batho? Hoja ke sa ntsane ke thabisa batho, nka be ke se mohlanka wa Kreste.2016 Hlakola 20, Moqebelo
Boikakaso bo etella dihlong pele,boikokobetso bona
bo tsamaya le bohlale.
2016 Hlakola 19, Labohlane
Ka tlung ya Ntate ho na le meaho e mengata; hoja ha ho jwalo, nka be ke le boleletse, hobane ke ya ho le lokisetsa bodulo.2016 Hlakola 18, Labone
A re tiisetseng ho bolela tshepo ya rona re sa thekesele, hobane ya re tshepisitseng o a tshepahala.2016 Hlakola 17, Laboraru
Ke ile ka batla Morena,mme a nkaraba,
a ntopolla matswalong wohle a ka.
2016 Hlakola 16, Labobedi
Ka hona fadimehang, hobane ha le tsebe letsatsi leo Morena wa lona a tla tla ka lona.2016 Hlakola 15, Mmantaha
Hlohonolofatsang ba le hlorisang; le ba hlohonolofatse, le se ke la ba rohaka.2016 Hlakola 14, Sontaha
Rona re tsebile, ebile re dumetse lerato leo Modimo a nang le lona ho rona.Modimo ke lerato. Ya phelang leratong o phela ka ho Modimo, le Modimo o phela ka ho yena.
2016 Hlakola 13, Moqebelo
Yaba Modimo o bopa motho ka setshwano sa hae, o mmopa ka setshwano sa Modimo; a bopa e motona le e motshehadi.2016 Hlakola 12, Labohlane
Ka baka leo, ke re ho lona: Tsohle tseo le di kopang ka thapelo, dumelang hore le se le di amohetse, mme le tla di etsetswa.2016 Hlakola 11, Labone
Ke a tseba:Mopholosi wa ka o a phela,
qetellong o tla ema a mpakele.
2016 Hlakola 10, Laboraru
Jwale ke re: Tsamaiswang ke Moya, mme ha le ka ke la phetha ditakatso tsa botho.2016 Hlakola 9, Labobedi
Ke nna Morena Modimo wa lona; tsamayang ka ditaelo tsa ka, le hlokomele ho mamela melao ya ka. Halaletsang Disabatha tsa ka, hore e tle e be sesupo pakeng tsa ka le lona. Ka hona le tla tseba hore ke nna Morena Modimo wa lona.2016 Hlakola 8, Mmantaha
Ya patang lehloyo ke mothetsi,ya sebang ba bang, yena ke sethoto.
2016 Hlakola 7, Sontaha
Se tshabeng, mohlatswana, hobane Ntata lona o kgahlilwe ke ho le nea Mmuso.2016 Hlakola 6, Moqebelo
Jwale Modimo a re: “A re etseng motho ka setshwano sa rona le ka sebopeho sa rona, mme a laole ditlhapi tsa lewatle, le dinonyana tse fofang, le makgomo, le lefatshe lohle, le tsohle tse hahabang hodima lefatshe.”2016 Hlakola 5, Labohlane
Dikgang di hlahiswa ke boikakaso,bohlale bo fumanwa
ho ba mamelang dikeletso.
2016 Hlakola 4, Labone
Seo lerato le leng sona ke sena: hase hore ke rona ba ratileng Modimo, empa ke yena ya re ratileng, a ba a romela Mora wa hae, hore e be nyehelo ka baka la dibe tsa rona.2016 Hlakola 3, Laboraru
Lwana ntwa e ntle ya tumelo; ikgapele bophelo bo sa feleng, boo o bo bitseditsweng, jwalokaha o entse boipolelo bo botle pela dipaki tse ngata.2016 Hlakola 2, Labobedi
Ha e le nna,ke tshepile mohau wa hao;
pelo ya ka e ke e nyakalle
hobane o mpholositse.
2016 Hlakola 1, Mmantaha
Mang le mang ya ratang ho baballa bophelo ba hae bo tla mo senyehela, empa mang le mang ya senyehelwang ke bophelo ba hae ka baka la ka o tla bo rua.Dihlogotaba tša go tswalana
Lerato
Lerato le na le...
Kholofelo
‘Ke tseba merero eo...
Tumelo
Ka baka leo, ke...
Lapa
Mantswe ana ao ke...
Go direla/hlankela
Oho, Morena, ke wena...
Thapelo
Thabang kamehla, se phetseng...
Temana ya Bibele ya lehono
Le lehlohonolo ha batho ba le hloya, le ha ba le tebela, ba le hlapaola, ba kgesa lebitso la lona jwaloka hoja le le lebe, ka baka la Mora Motho.Amogela Temana ya Bibele ya Letšatši ka Letšatši:
Tsebišo ya letšatši ka letšatšiEmeileFacebookAndroid-appWeposaeteng ya gagoTemana ya Bibele ya go se kgethwe ka maikemišetšo
O fodisa ba pelo di hlabehileng,o tlamella maqeba a bona.Temana ya go latela!