2016 Phesekgong 31, Sontaha
Utlwanang ka ho tlala, le se ke la ikakasa, empa le be metswalle ya ba eisehang. Le se ke la ipona bohlale.2016 Phesekgong 30, Moqebelo
Kgalefo ya Modimoe ke ke ya fediswa,
ya fediswa ke maruo a motho,
empa ho loka
ho lopolla motho lefung.
2016 Phesekgong 29, Labohlane
Mang le mang ya pakang hore Jesu Kreste ke Mora wa Modimo, Modimo o phela ka ho yena, le yena o phela ka ho Modimo.2016 Phesekgong 28, Labone
Ka letsatsi le leng le le leng ba ba mmoho ka Tempeleng ba le maikutlo a le mang, ba kena ntlo ka nngwe ba ntse ba ngwatha bohobe; ba ja dijo ka thabo le ka pelo tse tshweu. Ba rorisa Modimo, ba ratwa ke batho bohle, mme ka letsatsi le letsatsi Morena a eketsa phutheho ka ba pholoswang.2016 Phesekgong 27, Laboraru
Molomo wa ka o tla howa ka thabo,o howe ha ke o roka,
le wona moya wa ka
oo o o lopolotseng.
2016 Phesekgong 26, Labobedi
Etswe Molao wohle o akaretswa ka taelo e le nngwe: Rata wa heno jwalokaha o ithata.2016 Phesekgong 25, Mmantaha
Empa ka baka la ho tshaba bohlola, monna ka mong a be le mosadi eo e leng wa hae, le mosadi ka mong a be le monna eo e leng wa hae.2016 Phesekgong 24, Sontaha
Fana ka tse molemoho ba di hlokang,
ha o ena le matla a ho etsa jwalo.
2016 Phesekgong 23, Moqebelo
Etsisang Modimo, kaha le le bana ba hae ba ratehang.2016 Phesekgong 22, Labohlane
Erekaha Kreste a ile a mamella mahloko mmeleng, le lona imatlafatseng ka maikutlo a tshwanang le a hae, hobane ya mameletseng mahloko mmeleng o kgaohane le sebe.2016 Phesekgong 21, Labone
Morena, ako utlwe thapelo ya ka,o sekehele thapedi ya ka tsebe;
o nkarabe
ka baka la botshepehi ba hao,
le ka baka la ho loka ha hao.
2016 Phesekgong 20, Laboraru
Ha ho ka ba jwalo, ke tla le etela ke thabile, ke kgatholohe le lona, ha Modimo a rata.2016 Phesekgong 19, Labobedi
Jesu a re ho yena: “Na ha ke a o bolella hore, ha o dumela, o tla bona tlotla ya Modimo?”2016 Phesekgong 18, Mmantaha
Yena eo leaho la haele leng mahodimong,
metheo ya lona
o e hlomme hodima lefatshe;
yena ya bokellang metsi a lewatle,
a a bokelle,
a a tshollele hodima lefatshe;
lebitso la hae ke Morena.
2016 Phesekgong 17, Sontaha
Modimo a hlohonolofatsa letsatsi leo la bosupa, a le halaletsa, hobane ka lona o ile a phomola mosebetsing wa hae wohle, oo a o entseng ka ho o hlola.2016 Phesekgong 16, Moqebelo
Ya sitsang mojadi ka peo, le ka bohobe boo a ka bo jang, le lona o tla le sitsa ka peo, a be a e ngatafatse, mme a le atisetse ditholwana tsa ho loka ha lona.2016 Phesekgong 15, Labohlane
Kgaotsang, le tsebehore nna ke Modimo,
ke tla okamela ditjhaba,
ke okamele lefatshe.
2016 Phesekgong 14, Labone
Fa e mong le e mong ya o kopang, mme ya nkang tsa hao, o se ke wa re a di kgutlise.2016 Phesekgong 13, Laboraru
Lesedi le kganya lefifing, empa lefifi ha le a ka la le hlola.2016 Phesekgong 12, Labobedi
Hase ka sabole ba hapileng naha eo,leha e le ho hlola
ka matsoho a bona;
empa e bile
ka tsoho la hao le letona,
le ka sefea sa hao,
le ka ho ba phuthollela
fahleho sa hao,
hobane o ne o ba rata.
2016 Phesekgong 11, Mmantaha
Haeba le etsa hantle ba le etsang hantle, le ka lokelwa ke teboho efe? Esita le baetsadibe ba etsa jwalo.2016 Phesekgong 10, Sontaha
Mang le mang ya tla rapela Morena, o tla pholoswa.2016 Phesekgong 9, Moqebelo
Jwalokaha tsela ya moyao sa e tsebe,
kapa popeho ya ngwana
ka popelong,
o ke ke wa tseba
mesebetsi ya Modimo,
e leng yena ya entseng tsohle.
2016 Phesekgong 8, Labohlane
Le se ke la sebeletsa dijo tse senyehang, empa le sebeletse dijo tse hlolang ho isa bophelong bo sa feleng, tseo Mora Motho a tla le nea tsona, hobane Modimo Ntate o mo neile matla.2016 Phesekgong 7, Labone
Ho lehlohonoloba pelo di hlwekileng,
hobane ba tla bona Modimo.
2016 Phesekgong 6, Laboraru
Ya fanang haholoo tla fumana katleho,
ya fanang ka metsi
le yena o tla a fuwa.
2016 Phesekgong 5, Labobedi
Feela, baratuwa, ntho eo le sa tshwanelang ho e lebala ke ena: Ho Morena letsatsi le le leng le jwaloka dilemo tse sekete, mme le dilemo tse sekete di jwaloka letsatsi le le leng.2016 Phesekgong 4, Mmantaha
Le ke le ekeletswe lereko, le kgotso, le lerato.2016 Phesekgong 3, Sontaha
Morena o lokileho tsohle tseo a di etsang,
mesebetsing yohle ya hae
o mohau.
2016 Phesekgong 2, Moqebelo
Ke le nea taelo e ntjha, ya hore le ratane; jwalokaha ke le ratile, le lona le ratane.2016 Phesekgong 1, Labohlane
Ya jalang tshimong ya tsa botho o tla kotula ho bola ho yona, empa ya jalang tshimong ya tsa Moya, o tla kotula bophelo bo sa feleng ho yona.Dihlogotaba tša go tswalana
Lerato
Lerato le na le...
Kholofelo
‘Ke tseba merero eo...
Tumelo
Ka baka leo, ke...
Lapa
Mantswe ana ao ke...
Go direla/hlankela
Oho, Morena, ke wena...
Thapelo
Thabang kamehla, se phetseng...
Temana ya Bibele ya lehono
Fadimehang, tiyang tumelong, emang senna, matlafalang.Amogela Temana ya Bibele ya Letšatši ka Letšatši:
Tsebišo ya letšatši ka letšatšiEmeileFacebookAndroid-appWeposaeteng ya gagoTemana ya Bibele ya go se kgethwe ka maikemišetšo
Morena o haufile bohle ba mo rapelang,
ba mo rapelang kannete.Temana ya go latela!