Bonang, re nyolohela Jerusalema, mme Mora Motho o tla neelwa matsohong a baprista ba baholo le Ditsebi tsa Molao. Ba tla mo ahlolela lefu, ba neelane ka yena ho baditjhaba, hore ba mo some, ba mo shape, mme ba mo thakgise sefapanong, a nto tsoha ka letsatsi la boraro.
Bohle ba sitilweng ba sa tsebe Molao wa Moshe, ba tla timela ba ntse ba sa tsebe Molao oo, empa bohle ba sitilweng ba ntse ba tseba Molao wa Moshe, ba tla ahlolwa ka Molao oo.
Le tsamaye ka tsela eo Morena Modimo wa lona, a le laetseng hore le tsamaye ka yona, e le hore le tle le phele, le atlehe, mme le phele halelele naheng eo e tla ba ya lona.