- Empa, erekaha Modimo a le mohau haholo, ka baka la lerato leo a re ratang ka lona, o re tsositse bafung le Kreste, ha re ne re shwele ka baka la ditshito tsa rona. Hopolang he, hore ke ka mohau wa hae le pholositsweng.
- Hobane ke ka mohau le pholositsweng ka ho dumela. Hona hase ho tswang ho lona, ke mpho ya Modimo; hase ho tswang mesebetsing ya lona, esere e mong wa lona a ithorisa.
- Re dibopuwa tsa Modimo, ka Kreste Jesu o re bopetse ho etsa mesebetsi e metle, eo a neng a e lokise e sa le pele hore re tle re e etse.
- Empa jwale, kaha le le ho Kreste Jesu, lona bao pele le neng le le hole, le atameditswe ka madi a Kreste.
- Ha ho le jwalo, ha le sa le melata kapa bajaki, empa le se le le baahi ba sebele hammoho le bahalaledi, mme le ba lelapa la Modimo. Le hahilwe hodima motheo oo e leng baapostola le baporofeta, oo Kreste Jesu ka sebele e leng lejwe la mantlha la wona.
Dihlogotaba tša go tswalana
Jesu
Jesu a ba tadima...
Kgaugelo
Ka baka leo, a...
Mohau
Ka baka leo, a...
Lerato
Lerato le na le...
Tumelo
Ka baka leo, ke...
Phološo
Ha ho e mong...
Temana ya Bibele ya lehono
Oho, Morena, re o emetse,re tsamaya tseleng
ya dikahlolo tsa hao;
lebitso la hao le botumo ba hao
ke tsona tseo re di labalabelang.
Amogela Temana ya Bibele ya Letšatši ka Letšatši:
Tsebišo ya letšatši ka letšatšiEmeileAndroidWeposaeteng ya gagoTemana ya Bibele ya go se kgethwe ka maikemišetšo
Boholo, le matla, le tlotlake tsa hao, Morena,
le tlholo, le botlotlehi.
Tsohle tse lehodimong le lefatsheng
ke tsa hao;
mmuso ke wa hao, Morena,
ke wena hlooho,
o phahametse tsohle.Temana ya go latela!
