Ke mang he, ya tla re arohanya le lerato la Kreste? Na ke matshwenyeho, kapa ditlallo, kapa tlhoriso, kapa tlala, kapa tlhobolo, kapa kotsi, kapa sabole?
Jwale kantle ho tumelo ha ho kamoo motho a ka kgahlisang Modimo kateng. Ya atamelang pela Modimo eka kgona a dumele hore Modimo o teng, le hore ke yena ya putsang ba mmatlang.
Bana beso, ka lebitso la Morena wa rona Jesu Kreste ke ipiletsa ho lona hore bohle le be ntsweleng, dikarohano di be siyo hara lona, le mpe le utlwane, le be le maikutlo a le mang le kgopolo e le nngwe.