- Jwale Modimo ya re fang tshepo a ke a le tlatse ka thabo yohle le ka kgotso ka baka la ho dumelo ho yena, hore le tle le atelwe ke tshepo ka matla a Moya o Halalelang.
- Thabang ka baka la tshepo ya lona, mamellang matshwenyehong, tiisetsang thapelong.
- Le se ke la tshwana le ba lefatshe lena, le mpe le fetohe ka ho ntjhafala dikelellong, hore le tle le iphumanele seo thato ya Modimo e leng sona, e leng sohle se molemo, se kgahlehang, se phethehileng.
- Tsohle di tswa ho Modimo, di teng ka yena, mme ke tsa hae. Tlotla e ke e iswe ho yena kamehla le mehla. A ho be jwalo!
- Modimo o tla putsa e mong le e mong ho ya ka diketso tsa hae.
- Le se ke la ba botswa, le mpe le be mafolofolo, le sebeletse Morena ka moya o tjhesehang.
- Lerato le hloke boikaketsi. Hloyang bobe, kgomarelang botle.
- Utlwanang ka ho tlala, le se ke la ikakasa, empa le be metswalle ya ba eisehang. Le se ke la ipona bohlale.
- Empa ha re tshepile ho fumana seo re esong ho be le sona, re se lebella ka mamello.
- Ho feta mona, re motlotlo le hara matshwenyeho, ka ho tseba hore matshwenyeho a hlahisa mamello, mamello ke bopaki ba hore re amohelehile, ho amoheleha hoo ho hlahisa tshepo.
Dihlogotaba tša go tswalana
Sebe
Kapa na ha le...
Tumelo
Ka baka leo, ke...
Moya wa Modimo
Morena ke Moya, mme...
Molao
Mantswe ana ao ke...
Boikobo
Jesu a mo araba...
Lerato
Lerato le na le...
Temana ya Bibele ya lehono
Tshepa Morenaka pelo ya hao yohle,
o se ke wa tshepa bohlale ba hao.
Kenya Morena mererong ya hao,
mo kenye ho yona yohle,
tsela tsa hao a tla di otlolle.
Amogela Temana ya Bibele ya Letšatši ka Letšatši:
Tsebišo ya letšatši ka letšatšiEmeileAndroidWeposaeteng ya gagoTemana ya Bibele ya go se kgethwe ka maikemišetšo
Kaha o bile ntho ya bohlokwa,o hlompheha mahlong a ka,
hobane ke o rata,
ke tla fana ka batho
bakeng sa hao,
ke fane ka ditjhaba
bakeng sa bophelo ba hao.Temana ya go latela!
