DailyVerses.netDihlogotabaTemana ya go se kgethwe ka maikemišetšoIngwadiše

BAROMA 14

  • Motho ya fokolang tumelong le mo amohele, empa le se ke la phea kgang le yena ka tsa maikutlo a hae.
  • Ya jang tsohle a se ke a nyedisa ya sa jeng tsohle, le ya sa di jeng a se ke a ahlola ya di jang, hobane le yena eo Modimo o mo amohetse.
  • Wena o mang o ahlolang mohlanka eo e seng wa hao? Ho tiisetsa kapa ho wa ha hae, ke taba ya monga hae. O tla fela a tiisetse, hobane Morena o na le matla a ho mo tiisa.
  • E mong o hopola hore letsatsi le leng ke la bohlokwa ho feta le leng; e mong o hopola hore matsatsi wohle a a tshwana. Tabataba ke hore e mong le e mong a kgodisehe ka ho tlala hore o nepile.
  • Hobane ha re phela, re phelela Morena; leha re eshwa, re shwela Morena. Ka baka leo, leha re phela, kapa re eshwa, re ba Morena.
  • Hobane ho ngotswe, ho thwe:
    “Ke hlapanya ka nna,
    ho rialo Morena,
    mangwele wohle
    a tla nkgumamela,
    mme maleme wohle
    a tla tlotlisa Modimo.”
  • Ha ho le jwalo, re se hlole re ahlolana; le mpe le ikemisetse hore le se ke la kgelosa kapa la dihela ngwanabo lona sebeng.

Temana ya Bibele ya lehono

Mohla tsatsi la thabo
nyakalla le wena,
mohla tsatsi la mahlonoko
ako hopole sena:
Matsatsi ana, bobedi,
a entswe ke Modimo;
kahoo tsa kamoso
motho a ke ke a di tseba.

Temana ya Bibele ya go se kgethwe ka maikemišetšo

Yena eo le mo ratang le hoja le sa ka la mmona, mme le hona jwale le dumelang ho yena le hoja le eso mmone. Jwale le nyakaletse ka thabo e ke keng ya bolelwa, e tlotlehang, hobane le tla amohela moputso wa tumelo ya lona, e leng pholoho ya lona.Temana ya go latela!

Thekga DailyVerses.net

Nthuse ho phatlalatsa Lentsoe la Molimo:
Neela