DailyVerses.netDihlogotabaTemana ya go se kgethwe ka maikemišetšoIngwadiše

BAROMA 6

  • Jwale re tla reng? Na re tla tswela pele ho etsa sebe hore mohau o tle o ate? Le kgale! Rona ba shweleng ka nqeng ya sebe, re ka nna ra phela ho sona jwang?
  • Kapa ha le tsebe hore rona bohle ba kolobeleditsweng ho Jesu Kreste, re kolobeleditswe lefu la hae?
  • Ha re se re entswe ntho e le nngwe le Kreste ka lefu le tshwanang le la hae, re tla ba jwalo le ka tsoho e tshwanang le ya hae. Re a tseba hore botho ba rona ba kgale bo thakgisitswe le yena, hore boleng ba rona bo buswang ke sebe bo timetswe, re tle re se hlole re eba makgoba a sebe.
  • Le se ke la hlola le neela sebe ditho tsa lona, hore e be dihlomo tsa ho se loke; le mpe le ineele Modimo le le ba phelang, ba tsohileng bafung; le neele Modimo ditho tsa lona, hore e be dihlomo tsa ho loka.
  • Sebe se ke ke sa ba le matla hodima lona, hobane ha le sa le tlasa Molao, empa le tlasa mohau.
  • Jwale? Na re tla etsa sebe, kahobane re se tlasa Molao, re mpa re le tlasa mohau? Le kgale!
  • Empa kajeno le lokolotswe sebeng, le entswe makgoba a Modimo, le kotula tse le halaletsang, mme qetello ya tsona ke bophelo bo sa feleng.
  • Moputso wa sebe ke lefu, empa mpho ya mohau, ya Modimo, ke bophelo bo sa feleng ho Kreste Jesu, Morena wa rona.

Temana ya Bibele ya lehono

O entse hore ntho e nngwe le e nngwe e lokele nako ya yona; o neile batho takatso ya ho tseba tsa kgale le tse tlang ho tla, empa ha ba na ho fihlela kutlwisiso ya seo Modimo a se entseng ho tloha tshimolohong ho isa qetellong.

Amogela Temana ya Bibele ya Letšatši ka Letšatši:

Tsebišo ya letšatši ka letšatšiEmeileFacebookAndroid-appWeposaeteng ya gago

Temana ya Bibele ya go se kgethwe ka maikemišetšo

Ka baka leo, ke thabela bofokodi, mahlapa, ditsietsi, ditlhoriso, le mahlomola, ka baka la Kreste, hobane ha ke fokola, eba ke hona ha ke le matla.Temana ya go latela!

Thekga DailyVerses.net

Nthuse ho phatlalatsa Lentsoe la Molimo:
Neela