DailyVerses.netDihlogotabaTemana ya go se kgethwe ka maikemišetšoIngwadiše

BAROMA 5

  • Jwale, erekaha re lokafaditswe ka tumelo, re na le kgotso le Modimo ka Morena wa rona Jesu Kreste.
  • Ho feta mona, re motlotlo le hara matshwenyeho, ka ho tseba hore matshwenyeho a hlahisa mamello, mamello ke bopaki ba hore re amohelehile, ho amoheleha hoo ho hlahisa tshepo.
  • Mme tshepo eo ha e swabise, hobane dipelo tsa rona di tlatsitswe lerato la Modimo ke Moya o Halalelang oo re o neilweng.
  • Efela ha re ne re sa ntse re fokola, Kreste o ile a shwela ba kgopo, ka nako e beilweng.
  • Ho thata hore motho a shwele ya lokileng; mohlomong motho a ka beta pelo ho shwela ya molemo, empa Modimo o bontshitse lerato la hae ho rona, ka hore Kreste a re shwele ha re ne re sa le baetsadibe.
  • Haeba re boelantswe le Modimo ka lefu la Mora wa hae, ha re ne re sa ntse re le dira tsa Modimo, re tla pholoswa ho feta hakaakang ka bophelo ba Kreste, ha re se re boelantswe le Modimo!
  • Empa mpho ya mohau ha e jwaloka tshito, hobane ha e le moo bohle ba ile ba shwa ka tshito ya motho eo a le mong, mohau wa Modimo le mpho e filweng bohle ka mohau wa motho a le mong, e leng Jesu Kreste, tsona di kgolo ho feta hakaakang!
  • Jwalokaha ba bangata ba entswe baetsadibe ka ho se mamele ha motho a le mong, ka mokgwa o jwalo ba bangata ba tla etswa ba lokileng ka ho mamela ha motho a le mong.
  • Ka baka leo, jwalokaha sebe se ile sa busa ka lefu, ka mokgwa o jwalo mohau o busa ka ho loka ho isang bophelong bo sa feleng, ka Jesu Kreste, Morena wa rona.

Temana ya Bibele ya lehono

Ha ho e mong ya pholosang ntle ho yena, hobane ha ho na lebitso le leng lesele tlasa letsatsi, le neilweng batho, leo re tshwanelang ho pholoswa ka lona.

Amogela Temana ya Bibele ya Letšatši ka Letšatši:

Tsebišo ya letšatši ka letšatšiEmeileFacebookAndroid-appWeposaeteng ya gago

Thekga DailyVerses.net

Nthuse ho phatlalatsa Lentsoe la Molimo:
Neela