- Bana beso, ka baka la mohau wa Modimo, ke a le rapela hore le ineele Modimo, le le sehlabelo se phelang, se halalelang, se mo kgahlisang, e leng tshebeletso ya lona e tshwanelehang.
- Le se ke la tshwana le ba lefatshe lena, le mpe le fetohe ka ho ntjhafala dikelellong, hore le tle le iphumanele seo thato ya Modimo e leng sona, e leng sohle se molemo, se kgahlehang, se phethehileng.
- Ka baka la neo ya mohau eo ke e neilweng, ke bolella e mong le e mong wa lona hore a se ke a ikgopola ho feta tekanyo, a mpe a inahane ka mokgwa o lekaneng, ho ya kamoo Modimo a lekanyeditseng e mong le e mong tumelo ya hae kateng.
- Jwalokaha re ena le ditho tse ngata mmeleng o le mong, empa ditho tseo tsohle di sa etse mosebetsi o tshwanang, ka mokgwa o jwalo, leha re le bangata, re mmele o le mong ho Kreste, e mong ke setho sa e mong.
- Lerato le hloke boikaketsi. Hloyang bobe, kgomarelang botle.
- Ratanang jwaloka bana ba motho, le hlodisane ha le hlomphana.
- Le se ke la ba botswa, le mpe le be mafolofolo, le sebeletse Morena ka moya o tjhesehang.
- Thabang ka baka la tshepo ya lona, mamellang matshwenyehong, tiisetsang thapelong.
- Hlohonolofatsang ba le hlorisang; le ba hlohonolofatse, le se ke la ba rohaka.
- Thabang le ba thabileng, llang le ba llang.
- Utlwanang ka ho tlala, le se ke la ikakasa, empa le be metswalle ya ba eisehang. Le se ke la ipona bohlale.
- Ha ho ka etsahala, bolokang kgotso le batho bohle, ho ya kamoo le ka kgonang kateng.
- Baratuwa, le se ke la iphetetsa, le mpe le siele kgalefo ya Modimo sebaka, hobane ho ngotswe, ho thwe: “Phetetso ke ya ka, ke nna ya tla lefeletsa,” ho rialo Morena.
- O se ke wa hlolwa ke bobe, o mpe o hlole bobe ka botle.
Dihlogotaba tša go tswalana
Boikobo
Jesu a mo araba...
Bophelo
Morena o tla o...
Dikgopolo
Ntlhahlobe, Modimo, o tsebe...
Setšhaba
A re hlokomelaneng, mme...
Go ikanya
Hoba ke nna Morena...
Lerato
Lerato le na le...
Temana ya Bibele ya lehono
O entse hore ntho e nngwe le e nngwe e lokele nako ya yona; o neile batho takatso ya ho tseba tsa kgale le tse tlang ho tla, empa ha ba na ho fihlela kutlwisiso ya seo Modimo a se entseng ho tloha tshimolohong ho isa qetellong.Amogela Temana ya Bibele ya Letšatši ka Letšatši:
Tsebišo ya letšatši ka letšatšiEmeileFacebookAndroid-appWeposaeteng ya gagoTemana ya Bibele ya go se kgethwe ka maikemišetšo
Bophelo ba lona bo se ke ba buswa ke ho rata tjhelete. Le kgotsofalle seo le nang le sona, hobane Modimo ka boyena o itse:“Ha nka ke ka o lahla,
kapa ka o furalla.”Temana ya go latela!