- Ba re: “Dumela ho Morena Jesu, mme wena le ba lelapa la hao le tla pholoswa.”
- Ka seroko, Paulosi le Silase ba rapela, ba tlotlisa Modimo ka difela, mme batshwaruwa ba ba mamela.
- Ha ho e mong ya pholosang ntle ho yena, hobane ha ho na lebitso le leng lesele tlasa letsatsi, le neilweng batho, leo re tshwanelang ho pholoswa ka lona.
- Morena o re laetse tjena:
“ ‘Ke o entse lesedi la ditjhaba,
hore o ise pholoho
le dipheletsong tsa lefatshe!’ ” - Ka baka leo, bakang, le sokolohe, dibe tsa lona di tle di hlakolwe.
- Petrose a re ho bona: “Bakang, mme e mong le e mong wa lona a kolobetswe ka lebitso la Jesu Kreste, le tle le tshwarelwe dibe tsa lona, mme le tla amohela mpho ya Moya o Halalelang.”
- Mme mang le mang
ya tla rapela Morena
o tla pholoswa! - Ba bona ho hlaha maleme a kang malakabe; a arohana, a dula ka bonngwe hodima e mong le e mong wa bona. Bohle ba tlala Moya o Halalelang, mme ba qala ho bua ka dipuo disele, kamoo Moya o neng o ba buisa kateng.
- Jwale o diehelang? Ema, o kolobetswe, o hlatsuwe dibe tsa hao ka ho rapela lebitso la hae.
- Empa le tla amohela matla ha Moya o Halalelang o se o theohetse hodima lona. Le tla ba dipaki tsa ka Jerusalema, le Judea yohle, le Samaria, le ho ya fihla dipheletsong tsa lefatshe.
Dihlogotaba tša go tswalana
Moya Mokgethwa
Morena ke Moya, mme...
Jesu
Jesu a ba tadima...
Thapelo
Thabang kamehla, se phetseng...
Boebangedi
Morena o re laetse...
Pentakoste
Ha letsatsi la Pentekonta...
Moya wa Modimo
Morena ke Moya, mme...
Temana ya Bibele ya lehono
Jesu a re ho yena: “O re, ‘haeba o ka etsa!’ Tsohle di ka etsahala ho ya dumelang!”Amogela Temana ya Bibele ya Letšatši ka Letšatši:
Tsebišo ya letšatši ka letšatšiEmeileFacebookAndroid-appWeposaeteng ya gagoTemana ya Bibele ya go se kgethwe ka maikemišetšo
Morena o tla o sireletsa,a o sireletse bobeng bohle,
a baballe bophelo ba hao.
Morena o tla o lebela
ha o eya le ha o kgutla,
ho tloha jwale le kamehla yohle.Temana ya go latela!