- Empa le tla amohela matla ha Moya o Halalelang o se o theohetse hodima lona. Le tla ba dipaki tsa ka Jerusalema, le Judea yohle, le Samaria, le ho ya fihla dipheletsong tsa lefatshe.
- Yare hoba a bue tsena, a nyollelwa hodimo ba ntse ba mo shebile, mme leru la mo tlosa mahlong a bona.
- Yare ba sa ntse ba tadimile lehodimong ha a ntse a nyoloha, bonang, banna ba babedi, ba diaparo di tshweu, ba ema pela bona. Yaba ba re: “Banna ba Galelea, le emetseng le shebile lehodimong? Jesu enwa ya nyolletsweng lehodimong, a tloha hara lona, o tla boela a kgutla ka mokgwa oo le mmoneng a nyolohela lehodimong ka wona.”
- Bana kaofela, ba ena le basadi, le Maria mma Jesu, le bana babo Jesu, ba tiisetsa thapelong ka maikutlo a le mang.
Dihlogotaba tša go tswalana
Jesu
Jesu a ba tadima...
Legodimo
Mohla ho hlahang taelo...
Thotogelo
Yare hoba a bue...
Boebangedi
Morena o re laetse...
Moya wa Modimo
Morena ke Moya, mme...
Maatla
O se ke wa...
Temana ya Bibele ya lehono
Ke a o rata Morena,wena matla a ka.
Morena ke lehaha la ka,
ke qhobosheane ya ka,
ke monamoledi wa ka.
Modimo wa ka ke lefika la ka,
leo ke tshabelang ho lona;
Morena ke thebe ya ka,
ke lenaka la ka le ntwanelang,
ke seqhobo sa ka.
