Thato ya Modimo ke hore le halalele, le pheme bohlola, e mong le e mong wa lona a ithute ho inkela mosadi eo a tla phela le yena ka mokgwa o halalelang, o hlomphehang. A se ke a nkuwa ke ditakatso tsa bokgopo, jwaloka bahedene ba sa tsebeng Modimo.
Ka baka lena o moholo, wena Morena Modimo, hobane ha ho ya kang wena; ebile hape ha ho Modimo e mong ntle ho wena, ho ya ka tsohle tseo re di utlwileng ka ditsebe tsa rona.