Ka mokgwa o jwalo, diaparo tsa basadi e be tse lokelang. Ba ikgabise ka tshwanelo le ka boitlhompho, e seng ka ho fora moriri, kapa ka mekgabiso ya kgauta, kapa ka mabenyane a bohlokwa, kapa ka diaparo tse theko e boima. Ba ikgabise ka diketso tse lokileng, tse tshwanelang basadi ba ipolelang hore ba hlompha Modimo.
Ha re lwane le motho wa nama le madi, empa re lwana le meya e busang, le e laolang, le e renang hodima lefatshe lena la lefifi, e leng meya e kgopo, e sebakeng.