Jesu a ba araba, a re: “Ruri ke a le bolella hore haeba le ena le tumelo, le sa belaele, ha le na ho etsa feela se entsweng sefateng sa feiye, empa leha le ka re ho thaba ena: ‘Sutha, o yo wela lewatleng,’ hoo ho tla etsahala.”
Mohau wa Modimo, o pholosang batho bohle, o bonahetse. O re ruta ho tela bokgopo le ditakatso tsa lefatshe, re tle re phele re le sedi, re lokile, re ena le borapedi mehleng ya jwale.