2016 Phata 31, Laboraru
O tadimelang phatsa e ka leihlong la ngwaneno, empa o sa lemohe sekoqo se ka leihlong la hao?2016 Phata 30, Labobedi
Bea mesebetsi ya haoatleng tsa Morena,
mme merero ya hao
e tla phethahala.
2016 Phata 29, Mmantaha
Yena eo matla a hae, ka ho sebetsa ka ho rona, a ka etsang tse fetang hole tseo re ka di kopang kapa tseo re ka di hopolang, a ke a tlotliswe kerekeng le ho Kreste Jesu, kamehla le mehla, ka mengwaha le mengwaha. A ho be jwalo!2016 Phata 28, Sontaha
Jesu a ba araba, a re: “Ruri ke a le bolella hore haeba le ena le tumelo, le sa belaele, ha le na ho etsa feela se entsweng sefateng sa feiye, empa leha le ka re ho thaba ena: ‘Sutha, o yo wela lewatleng,’ hoo ho tla etsahala.”2016 Phata 27, Moqebelo
Tshepa Morenaka pelo ya hao yohle,
o se ke wa tshepa bohlale ba hao.
Kenya Morena mererong ya hao,
mo kenye ho yona yohle,
tsela tsa hao a tla di otlolle.
2016 Phata 26, Labohlane
Ke kopa Modimo wa Morena wa rona Jesu Kreste, Ntate ya tlotlehang, hore a ke a le fe moya wa bohlale o le senolelang yena, le tle le mo tsebe.2016 Phata 25, Labone
Mme tshepo eo ha e swabise, hobane dipelo tsa rona di tlatsitswe lerato la Modimo ke Moya o Halalelang oo re o neilweng.2016 Phata 24, Laboraru
Ako re thuse, Modimo,wena mopholosi wa rona,
bitso la hao le tle le tlotliswe;
ako re namolele,
mme o re tshwarele dibe
ka baka la lebitso la hao.
2016 Phata 23, Labobedi
Se ahloleng ba bang, hore Modimo a tle a se ke a le ahlola.2016 Phata 22, Mmantaha
Jesu a araba, a re ho bona: “Mosebetsi wa Modimo ke hore le dumele ho eo a mo romileng.”2016 Phata 21, Sontaha
Bitso le letle le molemoho feta maruo a mangata,
ho hlompheha ho molemo
ho feta silefera kapa kgauta.
2016 Phata 20, Moqebelo
Haeba re re re phedisana le yena, empa re phela lefifing, re leshano, mme ha re phethe tsa nnete.2016 Phata 19, Labohlane
Le tla mpatla, mme le mphumane, haeba le mpatla ka dipelo tsa lona tsohle.2016 Phata 18, Labone
Morena, molemo wa haoo mokaakang!
O o boloketse ba o tshabang;
pontsheng ya bana ba batho
o o etsetsa ba tshabelang ho wena.
2016 Phata 17, Laboraru
Fanang, mme le tla fuwa: mekotlaneng ya lona le tla tshellwa haholo, e hlohlwe, e hlokohlwe, e sasamale, hobane le tla lekanyetswa ka tekanyo eo le lekanyang ka yona.2016 Phata 16, Labobedi
Ho tloha nakong eo, Jesu a qala ho ruta, a re: “Bakang, hobane Mmuso wa mahodimo o atametse!”2016 Phata 15, Mmantaha
Leha mmele wa kale pelo ya ka di ka fela,
Modimo ke lefika la ka
le kabelo ya ka kamehla.
2016 Phata 14, Sontaha
Mme ya sa nkeng sefapano sa hae a ntatela ha a ntokele.2016 Phata 13, Moqebelo
Yaba Jobo o a ema, o hahola seaparo sa hae, o beola hlooho ya hae, o itahlela fatshe ho rapela,o re:
“Ke tswetswe ke mme ke le feela,
ke tla ya lebitleng
ke ntse ke le feela.
Morena o na fane,
Morena o amohile,
ho ke ho roriswe lebitso la hae.”
2016 Phata 12, Labohlane
Ke ikgethetse tsela ya nnete,dikahlolo tsa hao ke di hlokometse.
2016 Phata 11, Labone
Ke mang hara lona, ya bohlale, ya nang le tsebo? Ka boitshwaro ba hae bo botle, a ke a bontshe hore mesebetsi ya hae e etswa ka boikokobetso bo dumellanang le bohlale.2016 Phata 10, Laboraru
Ka baka leo, bakang, le sokolohe, dibe tsa lona di tle di hlakolwe.2016 Phata 9, Labobedi
Ho tshaba bathoke ho itjhehela leraba,
empa ya tshepang Morena
o tla bolokeha.
2016 Phata 8, Mmantaha
Le re: “Tsohle di dumeletswe,” empa hase ho re tsohle di na le molemo. E, tsohle di dumeletswe, empa hase ho re tsohle di na le thuso.2016 Phata 7, Sontaha
Bakang, mme le phele, hobane ha ho eo ke thabelang lefu la hae, ho rialo Morena Modimo.2016 Phata 6, Moqebelo
Ya mamelang ha a kgalengwao tseleng ya bophelo,
empa ya sa mameleng,
yena o a kgeloha.
2016 Phata 5, Labohlane
Haeba re phela ka Moya, a re keng re tsamaiswe ke Moya.2016 Phata 4, Labone
Ke hlakotse tshito tsa haojwaloka leru,
ka hlakola dibe tsa hao
jwaloka mohodi,
kgutlela ho nna,
hobane ke o lopolotse.
2016 Phata 3, Laboraru
Ke tla o tumisa,wena Modimo wa ka
o leng Kgosi ya ka,
ke boke lebitso la hao
kamehla le mehla.
2016 Phata 2, Labobedi
Ha le halefile le se ke la etsa sebe; letsatsi le se ke la le dikella le ntse le halefile. Le se ke la fa Diabolosi monyetla.2016 Phata 1, Mmantaha
Empa haeba re phela leseding, jwalokaha le yena a le leseding, re a phedisana, mme madi a Jesu, Mora wa hae, a re hlwekisa dibe tsohle.Dihlogotaba tša go tswalana
Lerato
Lerato le na le...
Kholofelo
‘Ke tseba merero eo...
Tumelo
Ka baka leo, ke...
Lapa
Mantswe ana ao ke...
Go direla/hlankela
Oho, Morena, ke wena...
Thapelo
Thabang kamehla, se phetseng...