2016 Leotshe 30, Labohlane
Ke tla bonahatsa jwalo boholo ba ka le kgalalelo ya ka, ke itsebise ditjhaba tse ngata moo di ntseng di bona. Kahoo di tla tseba hore ke nna Morena.2016 Leotshe 29, Labone
Ya patang dibe tsa haea ke ke a ba le katleho;
ya ipolelang tsona, a di bakela,
o tla fumana mohau.
2016 Leotshe 28, Laboraru
Hase lona le nkgethileng, empa ke nna ke le kgethileng, mme ke le beile hore le ye, le behe ditholwana, mme ditholwana tsa lona di dulele ruri, hore eng le eng eo le e kopang Ntate ka lebitso la ka, a le fe yona.2016 Leotshe 27, Labobedi
Ruri Morena Modimoha a ke a etsa letho
a eso senole morero wa hae,
a o senolela bahlanka ba hae,
bahlanka ba hae, baporofeta.
2016 Leotshe 26, Mmantaha
Sethoto ha se thabeleho ba le kutlwisiso,
se thabela
ho pepesa mehopolo ya sona.
2016 Leotshe 25, Sontaha
Lona basadi, ikokobeletseng banna ba lona, jwalokaha le ikokobeletsa Morena, hobane monna ke hlooho ya mosadi, jwalokaha le Kreste e le hlooho ya Kereke. Ke yena mopholosi wa mmele, e leng kereke.2016 Leotshe 24, Moqebelo
Ya bobedi ke ena: ‘Rata mohaeno jwalokaha o ithata.’ Ha ho taelo e nngwe e kgolo ho feta tsena.2016 Leotshe 23, Labohlane
Ya thahasellang ho loka le leratoo tla fumana bophelo
le toka le tlotla.
2016 Leotshe 22, Labone
Maruo le hlompho di tswa ho wena,tsohle di buswa ke wena;
tsoho la hao le matla, le sefea,
ho phahamisa le ho matlafatsa bohle.
2016 Leotshe 21, Laboraru
Nna, nna ke inotshi,ke nna ya le tshedisang.
O mang wena o tshabang batho,
dibopuwa tse shwang?
O tshabang batho
ba itshwanelang le jwang feela?
2016 Leotshe 20, Labobedi
Eba molomowa ba sa tsebeng ho ipuella,
o tseke tokelo
tsa bohle ba saretsweng.
2016 Leotshe 19, Mmantaha
Na hara lona ho teng ya kulang? A ke a bitse baholo ba kereke, hore ba tle ba mo tlotse ka ole ba ntse ba mo rapella ka lebitso la Morena. Thapelo e etswang ka tumelo e tla fodisa mobabi, mme o tla tsoswa diphateng ke Morena. Ha a entse dibe, o tla di tshwarelwa.2016 Leotshe 18, Sontaha
Ke Morena ya tla o etella pele. O tla ba le wena; a ke ke a o lahla kapa a o furalla. O se ke wa tshaba kapa wa tsieleha.2016 Leotshe 17, Moqebelo
Kgalefo ya haeke ya motsotswana feela,
lerato la hae
ke la bophelo bohle ba motho.
Leha nka robala ka meokgo,
ha bo esa e se e le nyakallo.
2016 Leotshe 16, Labohlane
Jwalokaha ba bangata ba entswe baetsadibe ka ho se mamele ha motho a le mong, ka mokgwa o jwalo ba bangata ba tla etswa ba lokileng ka ho mamela ha motho a le mong.2016 Leotshe 15, Labone
Ka mokgwa o jwalo, diaparo tsa basadi e be tse lokelang. Ba ikgabise ka tshwanelo le ka boitlhompho, e seng ka ho fora moriri, kapa ka mekgabiso ya kgauta, kapa ka mabenyane a bohlokwa, kapa ka diaparo tse theko e boima. Ba ikgabise ka diketso tse lokileng, tse tshwanelang basadi ba ipolelang hore ba hlompha Modimo.2016 Leotshe 14, Laboraru
Barui ba laola mafutsana;moadimuwa o fetoha
kgoba la moadimi.
2016 Leotshe 13, Labobedi
Le lesedi la lefatshe. Motse o hahilweng hodima thaba o sitwa ho pateha.2016 Leotshe 12, Mmantaha
Molaetsa oo le o utlwileng ho tloha tshimolohong o re re rataneng.2016 Leotshe 11, Sontaha
Morena o tla phethaseo a ntheretseng sona.
Morena, mohau wa hao
ke wa kamehla yohle;
o se lahle
mosebetsi wa diatla tsa hao.
2016 Leotshe 10, Moqebelo
O matlafatsa ba tepeletseng,ba kgathetseng
o ba tsosa molota.
2016 Leotshe 9, Labohlane
“Hona jwale,” ho rialo Morena,“kgutlelang ho nna
ka pelo tsa lona tsohle,
ka ho itima dijo,
ka meokgo le ka dillo.”
2016 Leotshe 8, Labone
Mora wa ka,boloka taelo tsa ntatao,
o se furalle thuto ya mmao.
2016 Leotshe 7, Laboraru
Ka baka leo, ke re ho lona: Le se ke la itshwenya ka bophelo ba lona, hore na le tla jang, kapa le tla nwang, leha e le ka mmele ya lona, hore na le tla aparang. Ana bophelo ha bo fete dijo, le mmele ha o fete diaparo ka bohlokwa na?2016 Leotshe 6, Labobedi
Jesu a ba araba, a re: “Kannetenete, ke a le bolella hore e mong le e mong ya etsang sebe ke lekgoba la sebe.”2016 Leotshe 5, Mmantaha
Ya elang ditaelo hloko o a atleha,ya tshepang Morena
o a hlohonolofala.
2016 Leotshe 4, Sontaha
Monga hae a re ho yena: ‘Ke hantle, mohlanka ya kgabane, ya tshepahalang; o tshepahetse dinthong tse seng kae, ke tla o etsa modisa wa tse ngata. Kena, o thabe le monga hao!’2016 Leotshe 3, Moqebelo
Mpee fubeng sa haojwaloka setempe,
jwaloka lesekana
nthwale tsohong la hao,
hoba matla a lerato
a tshwana le a lefu,
sehloho sa lefufa
se tshwana le sa lebitla.
Lerato le tuka sa kganare
e tlola ditlhase,
jwaloka tetema e laima malakabe!
2016 Leotshe 2, Labohlane
Mahodimo a entsweka lentswe la Morena,
le mabotho wohle a wona
ka polelo ya molomo wa hae.
2016 Leotshe 1, Labone
Moya oo le o amohetseng hase moya wa bokgoba o boelang o le tshabisa, empa ke moya o le etsang bana ba Modimo, oo re howang ka wona, re re: “Abba!” ke ho re: “Ntate!”Dihlogotaba tša go tswalana
Lerato
Lerato le na le...
Kholofelo
‘Ke tseba merero eo...
Tumelo
Ka baka leo, ke...
Lapa
Mantswe ana ao ke...
Go direla/hlankela
Oho, Morena, ke wena...
Thapelo
Thabang kamehla, se phetseng...
Temana ya Bibele ya lehono
Le lehlohonolo ha batho ba le hloya, le ha ba le tebela, ba le hlapaola, ba kgesa lebitso la lona jwaloka hoja le le lebe, ka baka la Mora Motho.Amogela Temana ya Bibele ya Letšatši ka Letšatši:
Tsebišo ya letšatši ka letšatšiEmeileFacebookAndroid-appWeposaeteng ya gagoTemana ya Bibele ya go se kgethwe ka maikemišetšo
“Na mosadi a ka lebala lesealeo a le anyesang,
a se ka hauhela ngwana
wa popelo ya hae?
Leha yena a ka lebala,
nna ha nka ke ka o lebala!”
Bona! ke ngotse bitso la hao
kahara diatla tsa ka,
marako a hao
ke ntse ke a bona kamehla.Temana ya go latela!