DailyVerses.netDihlogotabaTemana ya go se kgethwe ka maikemišetšoIngwadiše

Boloka (Mphalane 2016)

2016 Mphalane 31, Mmantaha

Jwale he, ha ke le hlatswitse maoto, nna ke le Morena le Moruti, le lona le tshwanetse ho hlatswana maoto.

2016 Mphalane 30, Sontaha

Ya diehang ho halefa
o na le kutlwisiso,
athe sefelapelwana
se bontsha bothoto.

2016 Mphalane 29, Moqebelo

Ya dumelang ho Mora o na le bophelo bo sa feleng, empa ya sa mameleng Mora a ke ke a bona bophelo, mme kgalefo ya Modimo e tla ba hodima hae kamehla.

2016 Mphalane 28, Labohlane

Bohle ba kenang tlhodisanong ba thapisa mmele ya bona. Empa bona ba etsa jwalo hore ba tle ba fumane mofapahlooho o senyehang; athe rona re etsa jwalo hore re tle re fumane o sa senyeheng.

2016 Mphalane 27, Labone

O setshabelo sa ka,
o tla mphemisa matshwenyeho;
o nteela hare, o a ntopolla.

2016 Mphalane 26, Laboraru

Ho lehlohonolo motho
ya itshepetseng Morena,
eo tshepo ya hae
e leng yena Morena.
O tla tshwana le sefate
se lemilweng pela metsi,
seo metso ya sona
e namelang pela molatswana.
Ha se ke se tshoswa
ke ho fihla ha lebatama,
mahlaku a sona
a matalana kamehla,
ka nako ya komello
ha se ke se tshwenyeha,
kamehla se beha
ditholwana tsa sona.

2016 Mphalane 25, Labobedi

Ha ho motho ya ka sebeletsang marena a mabedi, hobane o tla hloya e mong, a rate e mong; kapa o tla kgomarela e mong, a nyedise e mong. Le ke ke la sebeletsa Modimo le Leruo.

2016 Mphalane 24, Mmantaha

O ile a tima lenyora
la ba nyorilweng,
a kgorisa ba lapileng
ka tse molemo.

2016 Mphalane 23, Sontaha

Ha re a ka ra tla le letho lefatsheng, ka mokgwa o jwalo ha re ka ke ra nka letho ho lona ha re tloha. Ha re ena le dijo le diaparo, re di kgotsofalle.

2016 Mphalane 22, Moqebelo

Hobane tsohle tsa lefatshe: ditakatso tsa botho, tse hohelang mahlo, le ho ikgantsha ka maruo, tsena hase tse tswang ho Ntate, empa ke tse tswang ho lefatshe.

2016 Mphalane 21, Labohlane

Ho tshaba Morena
ke ho hloya bobe,
ke hloile boikgohomoso,
ke hloile le boikakaso,
boitshwaro bo bobe le leshano
le tsona ke di hloile.

2016 Mphalane 20, Labone

O re phemise ho kena molekong,
o mpe o re lopolle bobeng,
hobane Mmuso ke wa hao,
le matla, le tlotla,
kamehla le mehla. Amen.

2016 Mphalane 19, Laboraru

Kwetliso ya mmele ha e na thuso e kgolo, athe borapedi bo na le thuso dinthong tsohle, bo re tshepisa bophelo ba hona jwale, esita le ba nako e tlang.

2016 Mphalane 18, Labobedi

Eba le lerato, o be le botshepehi,
molaleng wa hao o itlame ka tsona;
o di ngole tlapeng la pelo ya hao.
O tla ratwa ke Modimo le batho,
o iketsetse lebitso mahlong a bona.

2016 Mphalane 17, Mmantaha

Ntate o tlotliswa ka hona: ha le beha ditholwana tse ngata, le tla ba barutuwa ba ka.

2016 Mphalane 16, Sontaha

Nehemia a re ho sona: “Itsamaeleng, le yo ja dijo tse monate, le nwe tse maphodi, mme le abele ba hlokang, hobane letsatsi lena ke le halalelang ho Morena wa rona. Le se ke la swaba, hobane thabo ya Morena ke yona e tla le matlafatsa.”

2016 Mphalane 15, Moqebelo

Matlafatsa mehato ya ka
ho ya ka tshepiso ya hao,
o se dumelle hore ke buswe ke bobe.

2016 Mphalane 14, Labohlane

Ka mokgwa o jwalo Moya o re thusa bofokoding ba rona, hobane ha re tsebe ho rapela ka mokgwa o tshwanelang, empa Moya ka bowona o re rapella ka mefehelo e ke keng ya bolelwa.

2016 Mphalane 13, Labone

Bohle ba tswetsweng ke Modimo ba hlola lefatshe. Tlholo eo re hlolang lefatshe ka yona ke tumelo ya rona.

2016 Mphalane 12, Laboraru

Ho tshaba Morena
ke qaleho ya bohlale,
ho tseba Ya Halalelang
ke yona kutlwisiso.

2016 Mphalane 11, Labobedi

Ha le tshwarela batho diphoso tsa bona, le lona Ntata lona ya mahodimong o tla le tshwarela.

2016 Mphalane 10, Mmantaha

Ha ke na ho le siya le le dikgutsana, ke tla tla ho lona.

2016 Mphalane 9, Sontaha

Batlang Morena le matla a hae;
le nne le batle fahleho sa hae,
le se batle kamehla le mehla.

2016 Mphalane 8, Moqebelo

Thahasellang dintho tse hodimo, e seng tse lefatsheng.

2016 Mphalane 7, Labohlane

O re tshwarele ditshito tsa rona,
jwalokaha le rona re tshwarela
ba re sitetsweng.

2016 Mphalane 6, Labone

Morena o na le kutlwelobohloko,
Morena o mosa;
o dieha ho halefa, o tletse mohau.

2016 Mphalane 5, Laboraru

Taelo tse tswang molomong wa hae
ha ke a di kgeloha,
ka pelong ya ka
ke bolokile polelo tsa hae.

2016 Mphalane 4, Labobedi

Ka baka leo, le lahle tsohle tse manyala le bokgopo bo fetisisang, mme ka boikokobetso le amohele lentswe la Modimo le jetsweng ka dipelong tsa lona, le nang le matla a ho le pholosa.

2016 Mphalane 3, Mmantaha

Bohle re kolobeleditswe ho ba mmele o le mong, ka Moya o le mong; leha re ka ba Bajuda kapa Bagerike, makgoba kapa balokolohi, re amohetse Moya o le mong.

2016 Mphalane 2, Sontaha

Ke yena feela lefika la ka,
ke yena feela pholoho ya ka;
ke qhobosheane ya ka,
nke ke ka sisinyeha.

2016 Mphalane 1, Moqebelo

Ya nang le ditaelo tsa ka, mme a di boloka, ke yena ya nthatang; ya nthatang o tla ratwa ke Ntate, le nna ke tla mo rata, mme ke tla iponahatsa ho yena.

Temana ya Bibele ya lehono

Le lehlohonolo ha batho ba le hloya, le ha ba le tebela, ba le hlapaola, ba kgesa lebitso la lona jwaloka hoja le le lebe, ka baka la Mora Motho.

Amogela Temana ya Bibele ya Letšatši ka Letšatši:

Tsebišo ya letšatši ka letšatšiEmeileFacebookAndroid-appWeposaeteng ya gago

Temana ya Bibele ya go se kgethwe ka maikemišetšo

Utlwanang ka ho tlala, le se ke la ikakasa, empa le be metswalle ya ba eisehang. Le se ke la ipona bohlale.Temana ya go latela!

Thekga DailyVerses.net

Nthuse ho phatlalatsa Lentsoe la Molimo:
Neela