Ha letsatsi la Pentekonta le fihla, bohle ba ne ba phuthehetse sebakeng se le seng. Hanghang ha eba le modumo o tswang lehodimong, o kang wa moya o matla, mme wa tlala ntlo yohle eo ba neng ba dutse ka ho yona.
Morena o tla o sireletsa, a o sireletse bobeng bohle, a baballe bophelo ba hao. Morena o tla o lebela ha o eya le ha o kgutla, ho tloha jwale le kamehla yohle.