- Ha ho le jwalo, setjhaba sa Modimo se sa saletswe ke letsatsi la phomolo, hobane ya keneng phomolong ya hae le yena o phomotse mesebetsing ya hae, jwalokaha Modimo le yena a ne a phomole ho ya hae.
- A re thahaselleng ho kena phomolong eo, esere ka mokgwa o tshwanang le wane, ba bang ba wa, ka ho latela mohlala wa ho se mamele.
- Lentswe la Modimo le a phela, le a sebetsa. Le bohale ho feta disabole tsohle tse sehang kamahohle. Le phohlotsa ho ya fihla moo bophelo le moya di kopanang teng, manonyeletsong le mokong. Le ahlola mehopolo le merero ya pelo.
- Moprista wa rona e Moholo hase ya ka sitwang ho re utlwela bohloko mefokolong ya rona, hobane ke ya ileng a lekwa ka ditsela tsohle jwaloka rona, empa a se ke a etsa sebe.
- Ka baka leo, a re atameleng ka sebete teroneng ya mohau, re tle re amohele lereko, re fumane le mohau ho re thusa ha re hloka thuso.
Dihlogotaba tša go tswalana
Sabatha
Hlokomela letsatsi la Sabatha...
Khutša
Tloong ho nna, lona...
Mošomo
Sohle seo le se...
Boikobo
Jesu a mo araba...
Lentšu la Modimo
Mangolo wohle a ngotswe...
Maatla
O se ke wa...
Temana ya Bibele ya lehono
Ke a o rata Morena,wena matla a ka.
Morena ke lehaha la ka,
ke qhobosheane ya ka,
ke monamoledi wa ka.
Modimo wa ka ke lefika la ka,
leo ke tshabelang ho lona;
Morena ke thebe ya ka,
ke lenaka la ka le ntwanelang,
ke seqhobo sa ka.
