Jwale Jesu a kgutla nokeng ya Jorodane a tletse Moya o Halalelang, a tsamaiswa ke Moya feelleng, a ntse a lekwa ke Diabolosi ka matsatsi a mashome a mane. A se ke a ja le letho ka matsatsi ao, mme qetellong ya wona a lapa.
Moya wa Morena o hodima ka hobane a ntlotseditse ho bolella mafutsana molaetsa o molemo, o nthometse ho phatlalletsa bathopuwa tsa tokoloho, le difofu hore di tla tutuboloha, le ho lokolla ba hateletsweng.
Morena a le hlohonolofatse, a le baballe. Morena a le bontshe sefahleho sa hae se kganyang kgotso, a le hauhele. Morena a le tadime ka lerato, a le nee kgotso.