Athe mang le mang ya nwang metsi ao ke tla mo fa wona, a ke ke a hlola a nyorwa le ka mohla, empa metsi ao ke tla mo fa wona a tla fetoha ka ho yena sediba sa metsi a kopoletsang bophelong bo sa feleng.
Ka baka lena o moholo, wena Morena Modimo, hobane ha ho ya kang wena; ebile hape ha ho Modimo e mong ntle ho wena, ho ya ka tsohle tseo re di utlwileng ka ditsebe tsa rona.
Etsa hore ke tsebe mohau wa hao, ke o tsebe e sa le hoseng, hobane ke o tshepile; mpontshe tsela eo nka tsamayang ka yona, hobane ke o rapela ka moya wa ka wohle.