DailyVerses.netDihlogotabaTemana ya go se kgethwe ka maikemišetšoIngwadiše

BAFILIPI 2

  • Le se ke la etsa letho ka kgang kapa ka boithoriso ba lefeela, empa ka boikokobetso e mong le e mong wa lona a nke ba bang ba le baholo ho yena.
  • Ebang le maikutlo ana a neng a le ho Kreste Jesu.
  • Yena, o ne a ena le boleng ba Modimo, mme o ne a sa hopole hore o iphamolela letho ha a re, o lekana le Modimo, empa o ile a iketsa lefeela, a inkela boleng ba lekgoba, a tshwana le batho, a phela jwaloka motho. O ile a inyenyefatsa, ya eba ya mamelang ho isa lefung, le hona lefu la sefapano.
  • Ka baka leo, Modimo o ile a mo phahamisetsa hodimodimo, mme a mo fa lebitso le hlomphehang ho feta mabitso wohle, e le hore, ha ho bitswa lebitso la Jesu, mangwele wohle a lehodimong, le a lefatsheng, le a katlasa lefatshe, a tle a kgumame.
  • Mme maleme wohle a tle a bolele hore “Jesu Kreste ke Morena,” e be tlotliso ho Modimo Ntate.
  • Etsang tsohle ntle ho pelaelo kapa ngangisano, e le hore le tle le hloke molato, le se ke la nyatseha, le be bana ba Modimo ba hlokang kodi, hara moloko ona o kgopo, o bolotsana, oo ho wona le kganyang jwaloka dinaledi sebakeng, ka ho o tlisetsa lentswe la bophelo.

Temana ya Bibele ya lehono

Morena o bua tjena ho ba ntlo ya Iseraele, o re:
“Mpatleng, le tle le phele.”

Amogela Temana ya Bibele ya Letšatši ka Letšatši:

Tsebišo ya letšatši ka letšatšiEmeileFacebookAndroid-appWeposaeteng ya gago

Temana ya Bibele ya go se kgethwe ka maikemišetšo

Ka baka leo, le se ke la itshwenya ka la hosasane, hobane la hosasane le tla itshwenya ka tsa lona; letsatsi ka leng le lekanwa ke bothata ba lona.Temana ya go latela!

Thekga DailyVerses.net

Nthuse ho phatlalatsa Lentsoe la Molimo:
Neela