Bona ba fetotse nnete ya Modimo leshano, ba kgumamela sebopuwa, ba se sebeletsa ho ena le Mmopi ya bokwang kamehla yohle! A ho be jwalo! Ka baka leo, Modimo o ba tloheletse ho phetha ditakatso tse matla, tse hlabisang dihlong. Le basadi ba bona ba sebedisa bosadi ba bona ka mokgwa o hananang le tlholeho. Ka mokgwa o jwalo, le banna ba tlohetse ho kopanela dikobo le basadi ka mokgwa o dumellanang le tlholeho, empa ba lakatsana ka bobona; ba etsa tse hlabisang dihlong le banna ba bang, mme ba fumana kotlo e tshwanelang ho kgeloha hoo ha bona. Kaha ba ne ba sa bone ho hlokeha hore ba amohele Modimo eo ba mo tsebileng, Modimo o ba tloheletse ba ntse ba tsherehane dikelello, e le hore ba etse tse sa tshwanelehang.
Empa bohlale bo tswang hodimo, pele ho tsohle, bo hlwekile; hape bo na le kgotso le mosa, bo bonolo, bo tletse lereko le ditholwana tse molemo; ha bo na leeme, ha bo iketsise.