DailyVerses.netDihlogotabaTemana ya go se kgethwe ka maikemišetšoIngwadiše

SAKARIEA

  • Lengeloi la araba, le re: “Morena o bua tjena ho Serubabele: ‘Hase ka dikgoka kapa ka matla o tlang ho atleha, empa ke ka Moya wa ka,’ ho rialo Morena wa mabotho.”
  • Wena Moradi wa Sione
    nyakalla haholo!
    Wena Moradi wa Jerusalema
    etsa ditlatse!
    Bona! Kgosi ya hao e tla ho wena;
    e lokile, e tlisa topollo,
    e ikokobeditse, e palame tonki,
    e palame petsana ya tonki.
  • Morena e tla ba yena kgosi ya lefatshe lohle. Mohla tsatsi leo, Morena o tla ba mong, le lebitso la hae e be lona le inotshi.
  • Morena wa mabotho o bua tjena: ‘Ahlolelanang ka toka, le be mosa, mme le utlwelane bohloko. Le se ke la hatella mohlolohadi, leha e le kgutsana, moditjhaba kapa mofutsana. Motho a se ke a rerela ngwanabo bokgopo.’
  • ‘Kgutlelang ho nna,’ ho rialo Morena wa mabotho, ‘le nna ke tla kgutlela ho lona,’ ho rialo Morena wa mabotho.
  • ‘Le se ke la etsisa baholoholo ba lona, bao baporofeta ba mehleng ya pele ba neng ba ba bolelle, ba re: Morena wa mabotho o bua tjena: Tlohelang metsamao ya lona e kgopo le diketso tsa lona tse kgopo hle, empa ha ba a ka ba mmamela, leha e le hona ho nkutlwa,’ ho rialo Morena.
  • Ke tla matlafatsa ba ntlo ya Juda,
    ba ntlo ya Josefa ke ba pholose.
    Ke tla ba kgutlisetsa ha habo bona,
    hobane ke ba utlwela bohloko.
    Ba tla ka bao ke ne ke eso ba lahle,
    hobane nna ke Morena,
    Morena Modimo wa bona,
    ke tla amohela thapelo tsa bona.

Temana ya Bibele ya lehono

Ratanang jwaloka bana ba motho, le hlodisane ha le hlomphana.

Amogela Temana ya Bibele ya Letšatši ka Letšatši:

Tsebišo ya letšatši ka letšatšiEmeileFacebookAndroid-appWeposaeteng ya gago

Temana ya Bibele ya go se kgethwe ka maikemišetšo

Morena ke modisa wa ka,
ha ke hloke letho.
o nkatla makgulong a matala,
o nkisa pela metsi
moo ke tla phomola teng.
Temana ya go latela!

Thekga DailyVerses.net

Nthuse ho phatlalatsa Lentsoe la Molimo:
Neela