Mohla ho hlahang taelo, ka lentswe la lengeloileholo, ka terompeta ya Modimo, Morena ka sebele o tla theoha lehodimong, mme ba shwetseng ho Kreste ba tla tsoha pele. Jwale rona ba tla beng ba ntse ba phela re tla nkelwa marung hammoho le bona, ho ya kgahlanyetsa Morena sebakeng, mme ka mokgwa o jwalo re tla ba le Morena kamehla.
Ha letsatsi la Pentekonta le fihla, bohle ba ne ba phuthehetse sebakeng se le seng. Hanghang ha eba le modumo o tswang lehodimong, o kang wa moya o matla, mme wa tlala ntlo yohle eo ba neng ba dutse ka ho yona.