Le se ke la hlekefetsa mohlolohadi, kapa kgutsana. Ha le fela le mo hlekefetsa, ruri ke tla utlwa sello sa hae, ha a ipiletsa ho nna. Kgalefo ya ka e tla tuka, mme ke tla le bolaya ka sabole; basadi ba lona ba tla fetoha bahlolohadi, mme bana ba lona ba fetohe dikgutsana.
Tshepa Morena ka pelo ya hao yohle, o se ke wa tshepa bohlale ba hao. Kenya Morena mererong ya hao, mo kenye ho yona yohle, tsela tsa hao a tla di otlolle.