DailyVerses.netDihlogotabaTemana ya go se kgethwe ka maikemišetšoIngwadiše

2 PETROSE 1

  • Matla a hae a bomodimo a re neile dintho tsohle tseo e leng tsa bophelo le tsa borapedi, ka ho re fa tsebo e tletseng ya ya re bitsitseng ka tlotla ya hae le ka matla a hae.
  • Ka tsena o re neile dintho tsa bohlokwa, tse kgolo, tseo a neng a re tshepisitse tsona, e le hore ka tsona le tle le be le kabelo bomodimong ba hae, mme le phonyohe bokgopong bo teng lefatsheng, bo bakwang ke ditakatso tse mpe.
  • Ka baka lena, lekang ka matla ho eketsa tse kgabane tumelong ya lona, le eketse tsebo, ho tse kgabane tsa lona, mme tsebong ya lona le eketse boitshwaro, boitshwarong le eketse mamello, mamellong le eketse borapedi, borapeding le eketse setswalle sa boena, mme setswalleng sa boena le eketse lerato.
  • Ka baka leo, bana beso, itekeng ka matla hore pitso le kgetho ya lona e tiye. Ka ho etsa jwalo, ha le ka ke la hlola le wela phosong. Ka mokgwa o jwalo le tla newa tokelo e tletseng ya ho kena Mmusong o sa feleng wa Jesu Kreste, Morena le Mopholosi wa rona.
  • Hobane ha ho eso be boporofeta bo kileng ba tla ka thato ya motho le ka mohla, empa e bile ka ho susumetswa ke Moya o Halalelang batho ba ileng ba bolela tse tswang ho Modimo.

Temana ya Bibele ya lehono

Ke se ke o laetse: Tsoha molota, o be sebete! O se ke wa tshaba, kapa wa nyahama pelo, hobane Morena Modimo wa hao, o na le wena hohle moo o yang teng.

Amogela Temana ya Bibele ya Letšatši ka Letšatši:

Tsebišo ya letšatši ka letšatšiEmeileFacebookAndroid-appWeposaeteng ya gago

Temana ya Bibele ya go se kgethwe ka maikemišetšo

Rona re tsebile, ebile re dumetse lerato leo Modimo a nang le lona ho rona.
Modimo ke lerato. Ya phelang leratong o phela ka ho Modimo, le Modimo o phela ka ho yena.
Temana ya go latela!

Thekga DailyVerses.net

Nthuse ho phatlalatsa Lentsoe la Molimo:
Neela