- Itokisetseng tseo le tla di bua,
le kgutlele ho Morena,
le re ho yena:
“Ako re tshwarele
bokgopo bohle ba rona,
mme thapedi ya rona o e amohele.
Bakeng sa ho nyehela
ka mahlabelo a dipohwana,
re tla o boka ka melomo ya rona.” - Ya bohlale ke mang?
Tsena o tla di hlokomela.
Ya masene ke mang?
Yena o tla di utlwisisa.
Ditsela tsa Morena di nepahetse,
ba lokileng ba tla tsamaya ka tsona,
baetsadibe
ba kgothometsehe ho tsona.
Dihlogotaba tša go tswalana
Tshokologo
Haeba setjhaba sa ka...
Tshwarelo
Ya lalang diphoso ka...
Bohlale
Ke Morena ya fanang...
Kwešišo
Ipiletse ho nna, mme...
Boloki
Ya thahasellang ho loka...
Lerato
Lerato le na le...
Temana ya Bibele ya lehono
Modimo ha a hloke toka hoo a ka lebalang mosebetsi wa lona, le lerato leo le le bontshitseng ho yena ka ho sebeletsa badumedi, bao le sa ntseng le ba sebeletsa le jwale.Amogela Temana ya Bibele ya Letšatši ka Letšatši:
Tsebišo ya letšatši ka letšatšiEmeileAndroidWeposaeteng ya gagoTemana ya Bibele ya go se kgethwe ka maikemišetšo
Ya patang dibe tsa haea ke ke a ba le katleho;
ya ipolelang tsona, a di bakela,
o tla fumana mohau.Temana ya go latela!
