- Ya bohlale ke mang?
Tsena o tla di hlokomela.
Ya masene ke mang?
Yena o tla di utlwisisa.
Ditsela tsa Morena di nepahetse,
ba lokileng ba tla tsamaya ka tsona,
baetsadibe
ba kgothometsehe ho tsona. - Itokisetseng tseo le tla di bua,
le kgutlele ho Morena,
le re ho yena:
“Ako re tshwarele
bokgopo bohle ba rona,
mme thapedi ya rona o e amohele.
Bakeng sa ho nyehela
ka mahlabelo a dipohwana,
re tla o boka ka melomo ya rona.” - Ka ba fepa, ba eja, ba ba ba kgora;
yare ha ba kgotshe
ba qala ho ikgohomosa,
kahoo yaba ba se ba ntebala. - Empa Morena o re:
“Ke nna Morena Modimo wa hao,
ho tloha ha o le naheng,
naheng ya Egepeta.
Ha o a ka wa ba le Modimo e mong
kantle ho nna,
hobane ha ho Mopholosi e mong
kantle ho nna.”
Dihlogotaba tša go tswalana
Bohlale
Ke Morena ya fanang...
Kwešišo
Ipiletse ho nna, mme...
Boloki
Ya thahasellang ho loka...
Tshokologo
Haeba setjhaba sa ka...
Tshwarelo
Ya lalang diphoso ka...
Mahumo a lefase
Ha re a ka...
Temana ya Bibele ya lehono
Bana beso, hlokomelang, esere mohlomong e mong wa lona a ba le pelo e mpe, e hanang ho dumela, e mo arohanyang le Modimo ya phelang.Amogela Temana ya Bibele ya Letšatši ka Letšatši:
Tsebišo ya letšatši ka letšatšiEmeileAndroidWeposaeteng ya gagoTemana ya Bibele ya go se kgethwe ka maikemišetšo
Leha nka tsamaya kgohlong e lefifi,nke ke ka tshaba bobe,
hobane o na le nna,
lere la hao le molamu wa hao
di a nkgothatsa.Temana ya go latela!
