DailyVerses.netDihlogotabaTemana ya go se kgethwe ka maikemišetšoIngwadiše

DANIELE

  • Diphiri di senolwa ke yena,
    tse mafifing le tsona o a di tseba,
    leaho la lesedi le fumanwa ho yena.
  • Jwale nna Nebukadenesare, ke rorisa Kgosi ya Lehodimo, ke a e phafa, ke a e tlotlisa, hobane mesebetsi yohle ya yona e nepahetse, le ditsela tsa yona di lokile, mme ba ikgohomosang e a ba kokobetsa.
  • Ka itima dijo tse monate, ka ila nama, ka se ke ka nwa veine, ka se ke ka itlotsa ka ole ka dibeke tseo tse tharo.
  • Wena Modimo
    wa baholoholo ba heso,
    ke a o leboha, ke bile ke a o tlotla,
    wena ya nneileng bohlale le matla,
    wa ntshenolela
    seo re se kopileng ho wena,
    wa re senolela
    seo kgosi e se batlang.
  • Re entse sebe, ra etsa tse kgopo le tse mpe. Re o fetohetse, ra kgeloha melao ya hao le ditaelo tsa hao.
  • Ba bangata ba tla hlwekiswa, ba ntlafatswe, ba lekwe. Ba kgopo bona ba tla nne ba etse bokgopo. Ha ho le ya mong wa ba kgopo ya tla utlwisisa, empa ba bohlale bona ba tla utlwisisa.