O se ke wa jara ngwaneno ka pelo. O kgalemele mohaeno, esere wa itjarisa sebe ka baka la hae. O se ke wa iphetetsa, kapa wa ntshetsa disuwa baneng ba setjhaba sa heno, empa o rate wa heno jwalokaha o ithata. Ke nna Morena.
Ha le tsamaya ho ya ka ditaelo tsa ka, le boloka melao ya ka, le e phetha, ke tla le nesetsa pula ka nako ya yona, mme masimo a tla ba le tjhai, le difate tsa naha di behe ditholwana tsa tsona.
Ho ka sebetswa ka matsatsi a tsheletseng, empa letsatsi la bosupa ke letsatsi le leholo la phomolo; ke la phutheho e halalelang. Le se ke la etsa mosebetsi ofe kapa ofe; ke Sabatha sa Morena diahelong tsohle tsa lona.