- Le boloke melao ya ka, le e phethe. Ke nna Morena.
- O se ke wa jara ngwaneno ka pelo. O kgalemele mohaeno, esere wa itjarisa sebe ka baka la hae. O se ke wa iphetetsa, kapa wa ntshetsa disuwa baneng ba setjhaba sa heno, empa o rate wa heno jwalokaha o ithata. Ke nna Morena.
- Le tla halalela le be batho ba ka, hobane nna, Morena, ke a halalela. Ke le kgaohantse le baditjhaba, hore le tle le be ba ka.
- Ha motho a etsa sebe ka ho tlola o mong wa melao ya Morena e se ka morero, o molato, leha a ne a sa tsebe, o tla jara bokgopo ba hae.
- Le tla boloka Disabatha tsa ka, mme le hlomphe Sehalalelo sa ka. Ke nna Morena.
- Ha motho a le molato wa e nngwe ya dintho tsena, o tla ipolela sebe sa hae.
- Ha le tsamaya ho ya ka ditaelo tsa ka, le boloka melao ya ka, le e phetha, ke tla le nesetsa pula ka nako ya yona, mme masimo a tla ba le tjhai, le difate tsa naha di behe ditholwana tsa tsona.
- Ho ka sebetswa ka matsatsi a tsheletseng, empa letsatsi la bosupa ke letsatsi le leholo la phomolo; ke la phutheho e halalelang. Le se ke la etsa mosebetsi ofe kapa ofe; ke Sabatha sa Morena diahelong tsohle tsa lona.
Dihlogotaba tša go tswalana
Molao
Mantswe ana ao ke...
Boikobo
Jesu a mo araba...
Sebe
Kapa na ha le...
Sabatha
Hlokomela letsatsi la Sabatha...
Modimo
Morena Modimo wa hao...
Lerato
Lerato le na le...
Temana ya Bibele ya lehono
Empa ke hlokofatsa mmele wa ka, mme ke a o thapisa, esere mohlomong, ha ke se ke phatlalleditse ba bang molaetsa o molemo, yaba nna ke a lahlwa.Amogela Temana ya Bibele ya Letšatši ka Letšatši:
Tsebišo ya letšatši ka letšatšiEmeileFacebookAndroid-appWeposaeteng ya gagoTemana ya Bibele ya go se kgethwe ka maikemišetšo
Morena a le hlohonolofatse,a le baballe.
Morena a le bontshe
sefahleho sa hae se kganyang kgotso,
a le hauhele.
Morena a le tadime ka lerato,
a le nee kgotso.Temana ya go latela!