- Le nne le ratane jwalokaha bana ba motho ba ratana. Se lebaleng ho amohela baeti, hobane, ka ho etsa jwalo, ba bang ba amohetse mangeloi ba sa lemohe.
- Bohle ba hlomphe lenyalo, mme dikano tsa lona di bolokwe ka botshepehi. Modimo o tla ahlola dihlola le difebe.
- Bophelo ba lona bo se ke ba buswa ke ho rata tjhelete. Le kgotsofalle seo le nang le sona, hobane Modimo ka boyena o itse:
“Ha nka ke ka o lahla,
kapa ka o furalla.” - Ke ka baka leo re leng sebete ho re:
“Morena ke mothusi wa ka,
nke ke ka tshaba letho.
Motho a ka nketsang?” - Le kajeno Jesu Kreste e ntse e le yena wa maobane, mme e tla nne e be yena kamehla yohle.
- Modimo ya re fang kgotso, ya tsositseng Morena wa rona Jesu bafung, yena Jesu ya ileng a etswa modisa e moholo wa dinku ka madi a selekane se sa feleng, a ke a le fe tsohle tse molemo, tseo le di hlokang ho phetha thato ya hae. Tse mo kgahlisang a ke a di bope ka dipelong tsa rona, ka Jesu Kreste, ya lokelwang ke tlotla kamehla le mehla. A ho be jwalo!
Dihlogotaba tša go tswalana
Tshepo
Tshepa Morena ka pelo...
Lerato
Lerato le na le...
Bonolo
Mosa wa lona o...
Moagišane
Ya bobedi ke ena...
Mangeloi
Kapa o lekanya hore...
Lenyalo
Ya inyaletseng mosadi wa...
Temana ya Bibele ya lehono
Thuto tsa kadi tla rotha jwaloka pula,
polelo tsa ka
di monyele jwaloka phoka,
jwaloka lefafatsane
hodima jwang bo botalana,
le jwaloka modupe hodima dijalo.
