DailyVerses.netDihlogotabaTemana ya go se kgethwe ka maikemišetšoIngwadiše

JOSHUA 24

  • Haeba le bona hore ke ntho e mpe ho sebeletsa Morena, ikgetheleng hona kajeno hore na le tla sebeletsa mang: E ka ba medimo eo bo-ntata lona ba neng ba e sebeletsa ha ba le mose wane ho Noka, kapa medimo ya Baamore, bao le ahileng naheng ya bona. Empa ha e le nna le ba lelapa la ka re tla sebeletsa Morena.
  • Joshua a re: “Ha ho le jwalo, furallang medimo esele, e teng hara lona, mme le lebise dipelo tsa lona ho Morena Modimo wa Iseraele.”
  • Setjhaba sa re ho Joshua: “Re tla sebeletsa Morena Modimo wa rona, mme re tla mamela lentswe la hae.”