DailyVerses.netDihlogotabaTemana ya go se kgethwe ka maikemišetšoIngwadiše

MATHEU 16

  • A re ho bona: “Empa lona le re nna ke mang?”
    Simone Petrose a araba, a re: “O Kreste, Mora wa Modimo ya phelang.”
  • Jwale le nna ke a o bolella, ke re: ‘O Petrose,’ mme hodima lefika lena ke tla haha kereke ya ka, mme monyako wa Nqalo ya Bafu o ke ke wa e hlola.
  • Ke tla o nea dinotlolo tsa Mmuso wa lehodimo; seo o se tlamang lefatsheng se tla tlangwa lehodimong, mme seo o se lokollang lefatsheng se tla lokollwa lehodimong.
  • Mang le mang ya ratang ho baballa bophelo ba hae bo tla mo senyehela, empa mang le mang ya senyehelwang ke bophelo ba hae ka baka la ka o tla bo rua.
  • Ebe motho a ka boellwa ke eng haeba a ka rua lefatshe lohle, empa a senyehelwa ke bophelo ba hae? Kapa motho a ka rekanya bophelo ba hae ka eng?

Temana ya Bibele ya lehono

Ha re lwane le motho wa nama le madi, empa re lwana le meya e busang, le e laolang, le e renang hodima lefatshe lena la lefifi, e leng meya e kgopo, e sebakeng.

Amogela Temana ya Bibele ya Letšatši ka Letšatši:

Tsebišo ya letšatši ka letšatšiEmeileFacebookAndroid-appWeposaeteng ya gago

Temana ya Bibele ya go se kgethwe ka maikemišetšo

Mahlapa a se ke a tswa melomong ya lona, ho mpe ho tswe dipolelo tse molemo, tse ka thusang ho matlafatsa ba di utlwang, le ho ba tlisetsa lehlohonolo.Temana ya go latela!

Thekga DailyVerses.net

Nthuse ho phatlalatsa Lentsoe la Molimo:
Neela