- Tloong ho nna, lona bohle ba kgathetseng, ba imetsweng, mme ke tla le kgatholla.
- Jesu a re: “Lesang bana ba tle ho nna. Le se ke la ba thibela ho tla ho nna, hobane Mmuso wa mahodimo ke wa ba jwaloka bona.”
- Ha le tshwarela batho diphoso tsa bona, le lona Ntata lona ya mahodimong o tla le tshwarela.
- Hobane moo ba babedi kapa ba bararo ba phuthehetseng teng ka lebitso la ka, ke teng hara bona.
- Empa wena ha o rapela, kena ka kamoreng ya hao, o kwale monyako, o rapele Ntatao ya leng teng le sephiring, mme Ntatao ya bonang le sephiring o tla o buseletsa.
- Ha ho le jwalo, mang le mang ya utlwang dipolelo tsena tsa ka, a di phetha, o tla tshwantshwa le motho ya bohlale, ya ileng a haha ntlo ya hae hodima letlapa.
- Jwale batlang Mmuso wa Modimo le ho loka ha hae pele, mme tsena tsohle le tla di ekeletswa.
- Eyang, le ithute hore na ke ho reng ha ho thwe: ‘Ke thabela mohau, e seng sehlabelo.’ Ke tlile ho bitsa baetsadibe, e seng ba lokileng.
- Tadimang dinonyana tse fofang: ha di jale, ha di kotule, ha di bokellele disiung, empa Ntata lona ya mahodimong o a di fepa; ana lona ha le di fete hole ka bohlokwa na?
- Jwale ha le rapela le se ke la ya lolololo jwaloka bahedene, ba hopolang hore ba tla utluwa ka baka la mantswe a bona a mangata.
Dihlogotaba tša go tswalana
Jesu
Jesu a ba tadima...
Mmušo
Kapa na ha le...
Legodimo
Mohla ho hlahang taelo...
Ntate
Jwalokaha ntata bana a...
Thapelo
Thabang kamehla, se phetseng...
Moputso
Sohle seo le se...
Temana ya Bibele ya lehono
Empa ke hlokofatsa mmele wa ka, mme ke a o thapisa, esere mohlomong, ha ke se ke phatlalleditse ba bang molaetsa o molemo, yaba nna ke a lahlwa.Amogela Temana ya Bibele ya Letšatši ka Letšatši:
Tsebišo ya letšatši ka letšatšiEmeileFacebookAndroid-appWeposaeteng ya gagoTemana ya Bibele ya go se kgethwe ka maikemišetšo
Morena o tla o sireletsa,a o sireletse bobeng bohle,
a baballe bophelo ba hao.
Morena o tla o lebela
ha o eya le ha o kgutla,
ho tloha jwale le kamehla yohle.Temana ya go latela!