DailyVerses.netDihlogotabaTemana ya go se kgethwe ka maikemišetšoIngwadiše

MATHEU 6

  • Ha ho le jwalo, ha o etsetsa mafutsana thuso, o se ke wa ipolela, jwalokaha baikaketsi ba etsa matlung a thapelo le ditseleng tsa motse, hore ba tlotliswe ke batho; kannete ke a le bolella, ba se ba amohetse moputso wa bona.
  • Empa ha o thusa mafutsana, letsoho la hao le letshehadi le se ke la tseba se etswang ke le letona, thuso ena ya hao e be ya sephiri, mme Ntatao ya bonang le sephiring o tla o buseletsa.
  • Empa wena ha o rapela, kena ka kamoreng ya hao, o kwale monyako, o rapele Ntatao ya leng teng le sephiring, mme Ntatao ya bonang le sephiring o tla o buseletsa.
  • Jwale ha le rapela le se ke la ya lolololo jwaloka bahedene, ba hopolang hore ba tla utluwa ka baka la mantswe a bona a mangata.
  • Ha ho le jwalo, lona rapelang tjena:
    “Ntata rona ya mahodimong,
    lebitso la hao le halaletswe;
    Mmuso wa hao o tle;
    thato ya hao e etswe lefatsheng
    jwaloka lehodimong.”
  • O re fe kajeno bohobe ba rona
    ba tsatsi le leng le le leng.
  • O re tshwarele ditshito tsa rona,
    jwalokaha le rona re tshwarela
    ba re sitetsweng.
  • O re phemise ho kena molekong,
    o mpe o re lopolle bobeng,
    hobane Mmuso ke wa hao,
    le matla, le tlotla,
    kamehla le mehla. Amen.
  • Ha le tshwarela batho diphoso tsa bona, le lona Ntata lona ya mahodimong o tla le tshwarela.
  • Athe ha le sa tshwarele batho, Ntata lona le yena a ke ke a le tshwarela diphoso tsa lona.
  • Ha le itima dijo, le se ke la itlhonamisa jwaloka baikaketsi; ba sosobanya difahleho, hore ba bonahale ho batho hore ba itima dijo. Kannete ke a le bolella, ba se ba amohetse moputso wa bona.
  • Empa wena ha o itima dijo, o iphotle, o itlotse hlooho, hore o se ke wa bonahala ho batho hore o itima dijo, haese ho Ntatao ya leng teng le sephiring, mme Ntatao ya bonang le sephiring o tla o buseletsa.
  • Le se ke la ipokellela matlotlo lefatsheng, moo tshwele le mafoome di senyang, moo mashodu a thuang, a utswe; le mpe le ipokellele matlotlo lehodimong, moo tshwele leha e le mafoome di sa senyeng, moo mashodu a sa thueng, a utswe.
  • Hobane moo letlotlo la hao le leng teng, le yona pelo ya hao e tla ba hona teng.
  • Ha ho motho ya ka sebeletsang marena a mabedi, hobane o tla hloya e mong, a rate e mong; kapa o tla kgomarela e mong, a nyedise e mong. Le ke ke la sebeletsa Modimo le Leruo.
  • Ka baka leo, ke re ho lona: Le se ke la itshwenya ka bophelo ba lona, hore na le tla jang, kapa le tla nwang, leha e le ka mmele ya lona, hore na le tla aparang. Ana bophelo ha bo fete dijo, le mmele ha o fete diaparo ka bohlokwa na?
  • Tadimang dinonyana tse fofang: ha di jale, ha di kotule, ha di bokellele disiung, empa Ntata lona ya mahodimong o a di fepa; ana lona ha le di fete hole ka bohlokwa na?
  • Jwale batlang Mmuso wa Modimo le ho loka ha hae pele, mme tsena tsohle le tla di ekeletswa.
  • Ka baka leo, le se ke la itshwenya ka la hosasane, hobane la hosasane le tla itshwenya ka tsa lona; letsatsi ka leng le lekanwa ke bothata ba lona.

Temana ya Bibele ya lehono

Letshepa la ba lokileng
le hlahisa thabo,
athe la ba kgopo lona le a nyamela.

Amogela Temana ya Bibele ya Letšatši ka Letšatši:

Tsebišo ya letšatši ka letšatšiEmeileFacebookAndroid-appWeposaeteng ya gago

Thekga DailyVerses.net

Nthuse ho phatlalatsa Lentsoe la Molimo:
Neela